Na ’Muso o Molemo o ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?
Ba lumela hore mebuso e mengata e batla khotso. E ’ngoe ea lintho tseo Machaba a Kopaneng a batlang ho li finyella ke “ho tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng.” Mebuso e fapaneng e ikopantse le Machaba a Kopaneng hobane le eona e batla ho finyella seo.
Ba lumela hore batho ba bangata ba batla khotso. Bafuputsi ba ile ba botsa batho ba ka bang 42 000 linaheng tse 17 hore na ba ka thabela ’muso o ka busang lefatšeng lohle ho rarolla mathata a bona a maholo a kang ntoa, ho kula le bofutsana. Ba fumane hore batho ba bangata ba ka thabela seo.
NAHANA KA SENA
E le hore lefatše le finyelle khotso, mebuso e lokela ho sebetsa hammoho.
Na ee ke ntho e ka etsahalang?
Ke eng e etsahalang lefatšeng hona joale?
Ka 2024, mokhatlo oa machaba oa International Committee of the Red Cross o ile oa tlaleha hore ho ile ha e-ba le lintoa tse ka holimo ho 120 ka nako eo. Boholo ba batho ba neng ba loana lintoeng tseo, ha baa ka ba mamela melao e neng e behiloe ho sireletsa batho ba se nang molato.
Top left: Peter Powell/AFP via Getty Images; bottom left: Omar Al-Qattaa/AFP via Getty Images; right: Mahmoud Issa/Anadolu via Getty Images
Mebuso ha e khone ho thibela batho hore ba se ke ba ba khopo
SEO BIBELE E SE BUANG
E le ho re thusa ho utloisisa temana ena ea Bibele, nahana kamoo batsoali ba thabang kateng ha ngoana oa bona a qala ho tsamaea. Hanyane ka hanyane a ka qetella a se a sa oe. Na a ka ea hohle moo a batlang? Kapa a itšelisa tsela a sa tsoe kotsi?
Batho ba ka tšoantšoa le ngoana eo. Ba na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Empa ba hloka ’Mopi oa bona hobane ha a ba bopela hore ba ipuse.
Mebuso ha e khone ho thibela batho hore ba se ke ba icheba bobona, ba ba meharo, ba ikhohomosa kapa hona ho khetholla ba bang. (Jeremia 17:9) Tsena ke tse ling tsa lintho tse etsang hore batho ba se ke ba thabela bophelo. Ke kahoo Bibele e fanang ka keletso e reng: “Le se ke la tšepa motho.”—Esaia 2:22.
Lengolo lena le bua ka ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle. (Daniele 7:13, 14; Matheu 6:9, 10; Tšenolo 11:15) Ha sena se etsahala, re tla phela hamonate.
Hlokomela seo Bibele e se tšepisang ka bokamoso.
Daniele 2:44: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa felisoa le ka mohla . . . ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”
Pesaleme ea 46:9: “[Molimo] o felisa lintoa lefatšeng lohle.”
Esaia 11:9: ‘Batho ba ke ke ba lematsa ba bang kapa hona ho baka tšenyo hobane hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova.’a
Ha ho na ’muso oa batho o ka khonang ho etsa lintho tsena. ’Mopi oa rona a ka khona ho etsa lintho tsena ebile o tla li etsa.
HO FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG
Ithute Bibele kapa u kope e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etele.
a Jehova ke lebitso la Molimo joalokaha Bibele e bontša. Sheba sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”