Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 April maq. 14-19
  • Lula u E-⁠na le Pono e Nepahetseng ka Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula u E-⁠na le Pono e Nepahetseng ka Mathata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSELA E NEPAHETSENG EA HO NKA MATHATA A RONA
  • HO BA LE PONO E FOSAHETSENG HO KA RE LEMATSA
  • MEHATO EO RE KA E NKANG HA RE HLAHELOA KE MATHATA
  • Na Molimo o Otla Batho ka ho ba Bakela Mathata?
    Tsoha!—2009
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Kamoo Jehova a re Thusang Kateng Hore re Mamelle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 April maq. 14-19

LA 15-21 JUNE 2026

PINA EA 122 Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe

Lula u E-na le Pono e Nepahetseng ka Mathata

“Le hoja ke e-ba le matšoenyeho le mathata, ke ntse ke rata litaelo tsa hao.”—PES. 119:143.

NTLHA-KHOLO

Ho ba le pono e nepahetseng ka mathata ho ka re thusa hore re sebetsane le ’ona ka katleho.

1, 2. Re lokela ho etsa eng e le hore re atlehe ho sebetsana le mathata a rona? (Sheba setšoantšo.)

NA HONA joale u tšoeroe ka ho hloka toka, u hanyetsoa ke ba lelapa kapa oa hlorisoa ka lebaka la tumelo ea hao? Na oa kula kapa u mamelletse litla-morao tsa botsofali? Na u sebetsana le bohloko bo itseng, mohlomong ba ho lahleheloa ke motho eo u mo ratang? Joaloka linku tse ling tse ngata tsa Jehova tse ratehang, e ka ’na eaba le uena bophelo ba hao bo “tletse mathata le matšoenyeho.”—Pes. 90:10.

2 Re ka sebetsana ka katleho le mathata a rona haeba re e-na le pono e nepahetseng ka ’ona. Ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho le bohlokoa? Re ka e hlalosa ka tsela ena: Mathata ao u kopanang le ’ona a tšoana le likotsi tse ka u hlahelang ha u ntse u khanna koloi. Ho itšetlehile ka kotsi e ka u hlahelang, u ka ’na oa lokela ho isa koloi ka lehlakoreng le letona kapa le letšehali, ho fokotsa lebelo kapa ho ema ka nakoana. E le hore u etse qeto e nepahetseng, u lokela hore u bone kotsi e ka u hlahelang ka tsela e hlakileng. Haeba fensetere ea koloi ea hao e le litšila ka lebaka la seretse kapa e koahetsoe ke lehloa, u ke ke oa khona ho bona kotsi e ka u hlahelang. Ka tsela e tšoanang, e le hore re atlehe ho sebetsana le mathata a rona, re lokela ho a sheba ka tsela eo Jehova a a shebang ka eona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba (1) tsela e nepahetseng ea ho nka mathata a rona, (2) hore na ho ba le pono e fosahetseng ka mathata a rona ho ka re lematsa joang le (3) mehato eo re ka e nkang e le hore re lule re e-na le pono e nepahetseng ha re hlaheloa ke mathata.

Monna ea khannang koloi eo fensetere ea eona e ka pele e leng litšila, o tšosoa ke tsela e koetsoeng eo a leng haufi le ho thula mekoallo ea eona.

Re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka mathata a rona, e le hore re khone ho sebetsana le ’ona ka katleho (Sheba serapa sa 2)


TSELA E NEPAHETSENG EA HO NKA MATHATA A RONA

3. Ke eng eo re lokelang ho e amohela lefatšeng lee le khopo?

3 Ha re na sekoti sa ho ipatela mathata lefatšeng lena le khopo la Satane. Hafeela re e-s’o phethahale le Satane a ntse a laola lefatše lena, re tla hlaheloa ke mathata. Ho feta moo, ha re ntse re atamela haufi le bofelo ba lefatše lena, re tla kopana le mathata a mangata le ho feta, ebang ke likoluoa tsa tlhaho kapa mathata ao re a bakeloang ke batho ba khopo. (Mat. 24:8; 2 Tim. 3:13) Haeba Jehova a ne a ka felisa mathata ana hona joale, ho ne ho tla bonahala eka o thusa Satane ho laola lefatše lena. Lefatšeng lena le khopo, re lokela ho lebella hore re tla hlaheloa ke “tlokotsi.”—Moek. 9:12.

4. Ke mathata afe a mang ao Bakreste ba tobanang le ’ona?

4 Bakreste ba tobana le mathata a eketsehileng. Ka makhetlo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ne ba tla hlorisoa ka lebaka la tumelo ea bona. (Mat. 24:9; Joh. 16:2) Ho tseba sena ho re thusa hore tumelo ea rona e se ke ea sisinngoa ke mathata ao a tlang. (1 Bathes. 3:​3, 4) Ha re mamella liteko ka lebaka la ho ba le tumelo e matla, re ka kholiseha hore re ntse re le tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Ho ekelletsa moo, rea bontša hore na re ka lehlakoreng la mang tsekong e kholo ea bobusi e pakeng tsa Jehova le Satane. A mang a mashano ao Satane a a buang e le ho hlasela lebitso la Molimo, ke ho re batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati. E le ho leka ho netefatsa sena, o etsa hore liteko tseo a hlaselang batho ba Molimo ka tsona li be boima. (Jobo 1:​9-11) Re thabisa Jehova haeba re mamella hobane re mo rata.—Liprov. 27:11.

5. Re ka ithuta eng ho Moeklesia 7:​13, 14? (Sheba litšoantšo.)

5 Jehova o lumella mathata. Ha ho mohla Jehova a etsang bokhopo kapa a re lekang ka lintho tse mpe. (Jak. 1:13) Leha ho le joalo, Morena Solomone o ile a ngola a re: ‘Letsatsi la tlokotsi’ ke “mosebetsi oa Molimo oa ’nete.” (Bala Moeklesia 7:​13, 14.) O ne a sa bolele hore Jehova ke eena ea bakang lintho tse mpe, empa li etsahala hobane a li lumella. Solomone o fane ka likeletso tse ntle ho re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka liteko tsa rona. Ea pele, re lokela ho lumela hore ha rea phethahala lefatšeng lena la Satane. Kahoo, re tla ba le matsatsi a thabo le matsatsi a tlhonamo. Ka “letsatsi la thabo,” re ka bontša hore re ananela molemo oo Molimo a re bontšang oona ’me ra nka letsatsi leo e le mpho e tsoang ho eena. Ea bobeli, Solomone o re hopotsa hore re ke ke ra tseba hantle ntho efe kapa efe e tla re hlahela, ebang letsatsi le tla ba le mathata kapa le tla ba molemo. Mathata a sa lebelloang a hlahela batho ba lokileng le ba sa lokang.

Litšoantšo: Monna o ba le matsatsi ao lijalo tsa hae li atlehileng le ao li senyehileng. 1. O kotula litamati tse atlehileng jareteng ea hae a thabile. 2. Ka letsatsi le fapaneng, o shebile tamati e senyehileng jareteng ea hae ka lebaka la komello a utloile bohloko.

Re lokela ho nka lintho kamoo li leng kateng ka hore re hlokomele hore re tla ba le matsatsi a ho thaba le a ho hlonama lefatšeng lena la Satane (Sheba serapa sa 5)


6. Ke hobane’ng ha Jehova a ka lumella hore re hlaheloe ke liteko? (Baheberu 12:​7, 11)

6 Nakong eo re hlaheloang ke liteko, Jehova a ka re ruta hore re itšetlehe ka eena, ho e-na le ho itšetleha ka bokhoni ba rona. Le ka mohla Jehova ha a hlolehe ho bona liteko tsa rona kapa ho re utloela bohloko ha re hlaheloa ke mathata. Le haeba a ka re lumella hore re fete ka har’a ‘khohlo ea moriti o lefifi’ o tsoela pele ho re tataisa, ho re kholisa hore oa re rata le ho re fa matla ao re a hlokang e le hore re khone ho mamella. (Pes. 23:4) Mathata a ka boela a re thusa hore re bone mefokolo ea rona, ’me ka thuso ea Molimo re ka khona ho ntlafatsa botho ba rona. (Bala Baheberu 12:​7, 11.) Ka mohlala, Jobo o ne a lokela ho sebetsa ka thata hore a ikokobetse. Jehova ha se eena ea ileng a bakela Jobo liteko. Leha ho le joalo, o ile a li lumella ’me a li sebelisa ho ruta Jobo lithuto tsa bohlokoa. (Jobo 42:​1-6) Ho sa tsotellehe hore na re tla hlaheloa ke’ng, rea tseba hore ntho leha e le efe eo Jehova a e lumellang hore e re hlahele, e ke ke ea senya kamano ea rona le eena ka ho felletseng. Ha re mamella liteko tsa rona ka botšepehi, “re hlaha re hlotse.”—Bar. 8:​35-39.

7. Ke hobane’ng ha u lokela ho thaba leha u hlorisoa ka lebaka la tumelo ea hao?

7 Re ka thaba ha re hlorisoa. Haeba u hlorisoa ka lebaka la tumelo ea hao, u se ke oa nahana hore Jehova o u lahlile. Ho e-na le hoo, khanyetso e joalo e bontša hore oa u amohela. (Mat. 5:​10-12) Ha u e-na le pono e nepahetseng, u ka thaba ’me oa lula u e-na le seriti ha u hlorisoa hobane u le Mokreste, joalokaha baapostola ba ile ba etsa. (Lik. 5:​40-42) Ho ekelletsa moo, u ka ’na oa thusa batho bao eseng Lipaki hore ba ithute ’nete ’me “ba rorise Molimo.” (1 Pet. 2:12) Joaloka Josefa, u ka atleha nakong eo u fetang har’a mathata, eseng feela ha a se a fetile.—Gen. 39:​3, 23.

8. Re na le lebaka lefe la ho mamella liteko tsa rona ho fihlela qetellong?

8 Liteko tsa rona li tla fela. Phihlelo ea Jobo e re hopotsa hore liteko tsa rona li tla fela. Ha e le hantle, ‘Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ho feta pele.’ (Jobo 42:12) Ka tsela e tšoanang, lefatšeng le lecha Jehova o tla re hlohonolofatsa ka tsela e hlollang. Bophelo ba rona bo tletseng ka mathata hona joale, bo bokhutšoanyane ha bo bapisoa le bophelo bo sa feleng boo re tl’o bo thabela nakong e tlang. Lena ke lebaka le utloahalang la hore e mong le e mong oa rona a mamelle ho fihlela qetellong.—Mat. 24:13.

HO BA LE PONO E FOSAHETSENG HO KA RE LEMATSA

9. Ho ba le pono e fosahetseng ka mathata a rona ho ka re lematsa joang?

9 Ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ’ona, re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka ’ona e le hore re qobe ho ipitsetsa mathata a mang a eketsehileng. Ka mohlala, re ka ’na ra utloa eka Jehova ke eena ea re bakelang mathata. Ho na le nako eo ka eona Jobo le eena a neng a utloa eka ke Jehova ea mo bakelang mathata. Pono ena e fosahetseng e ile ea etsa hore Jobo a ‘leke ho iketsa eka o lokile ho feta Molimo.’ (Jobo 32:2) Ka tsela e tšoanang, qalong Naomi le eena o ile a beha Jehova molato ka lebaka la mathata a hae. (Ruthe 1:​13, 20, 21) Haeba Jobo le Naomi ba ne ba ile ba tšoarella ponong eo e fosahetseng, kamano ea bona le Jehova e ka be e ile ea senyeha. (Liprov. 19:3) Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba thusa hore ba be le pono e nepahetseng ka mathata a bona ’me a ba hlohonolofatsa ka lebaka la botšepehi ba bona.

10. Re ka qala ho ipotsa eng ha re tobane le teko?

10 Le haeba re kholisehile hore Jehova ha se eena ea re bakelang liteko, re ka ipotsa hore na ebe o ntse a re tsotella. Ho ikutloa joalo ho ka re nyahamisa. (Liprov. 24:10) Morena Davida le moprofeta Habakuke ba ile ba tobana le mathata ’me ka linako tse ling ba ne ba ipotsa hore na Jehova o ne a ba mamela ha ba kopa thuso. (Pes. 10:1; Hab. 1:2) Leha ho le joalo, ha baa ka ba khaotsa ho rapela. Jehova o ile a kholisa banna bao ba tšepahalang hore o tla ba tšehetsa. Le uena o tla u tšehetsa.—Pes. 10:17.

11. Ho ka etsahala eng ka rona haeba re se na pono e nepahetseng ka liteko tsa rona?

11 Haeba re se na pono e nepahetseng ka liteko tsa rona, li ka ’na tsa re makatsa, mohlomong ra ba le maikutlo a hore li ne li sa lokela ho re hlahela. (1 Pet. 4:12) Barutuoa ba Jesu ba ne ba thatafalloa ke ho utloisisa hore o ne a tl’o tobana le mahloriso a boima. (Luka 18:​33, 34) Ka mohlala, Petrose o ile a nahana hore Molimo a ke ke a lumella Jesu hore a hlokofatsoe ka tsela eo, le hoja Jesu a ne a bolelletse barutuoa ba hae ka ho hlaka hore o tl’o hlorisoa. Jesu o ne a tseba hore monahano o joalo o ka mo sitisa ho etsa thato ea Molimo. Kahoo, o ile a khalemela Petrose ka matla. (Mar. 8:​31-33) Le ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba ’na ba thatafalloa ke ho utloisisa liketsahalo tseo. Ho ntse ho le joalo, Jesu ha aa ka a ba fella pelo. Ha a ne a bua le bona ka mor’a hore a tsosoe, o ile a ba thusa hore ba be le pono e nepahetseng ka mathata a hae, ka hore a ba ‘hlalosetse Mangolo ka tsela e hlakileng.’ (Luka 24:​25-27, 32, 44-48) Ho nahanisisa ka seo Jesu a ileng a ba ruta sona ho ne ho tla ba thusa hore ba itokisetse khanyetso eo haufinyane ba neng ba tla tobana le eona joaloka balateli ba hae. Ho nahana ka linnete tse ka Mangolong ho ka re thusa hore re be re se re itokisitse ha mathata a hlaha.

12. Ho ba le pono e fosahetseng ka boemo ho ka etsa hore re ikutloe joang?

12 Ho ba le pono e fosahetseng ho ka etsa hore re utloe eka boemo bo boima ho feta kamoo bo leng kateng. Tsela e ’ngoe eo ka eona Jesu a ileng a bontša sena ke ka ho etsa papiso ka basebetsi ba neng ba sebetsa serapeng sa morara. Basebetsi ba bang ba ne ba tšoenyehile ka hore meputso ea bona ha e fanoe ka toka, empa monghali oa bona o ile a re ho e mong oa bona: “Monn’a heso, ha ke u qhekelle.” (Mat. 20:​10-13) Basebetsi ba ne ba tletleba hobane ba ne ba lebelletse ntho eo ba neng ba sa lokela ho e lebella, eseng hobane ba ne ba tšoeroe ka ho hloka toka. Mehleng ena, Lipaki tse ling li ile tsa loantšana le maikutlo a tšoanang ha li ne li sa fumane kapa li lokela ho tlohela tokelo e itseng ea tšebeletso. Ke lintho life tseo re ka li etsang e le hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona?

MEHATO EO RE KA E NKANG HA RE HLAHELOA KE MATHATA

13. Ho ka ’na ha etsahala eng ha re hlaheloa ke mathata?

13 Ho ka etsahala hore ebe re tseba linnete tsa Mangolo tse buang ka mathata, ’me ho ka etsahala hore ebe re ile ra li bolella batho ba bang e le hore re ba thuse ho mamella liteko tse ba hlahelang. Empa ha mathata a otla rona ka ho toba, re ka ’na ra thatafalloa ke ho ba le pono e nepahetseng ka ’ona. Ka mohlala, u ka ’na oa utloa eka Jehova oa u otla kapa ha a mamele lithapelo tsa hao. Ke mehato efe eo u ka e nkang e le hore u lule u e-na le pono e nepahetseng?

14. U ka rapella eng ha u e-na le mathata? (Bafilipi 4:13)

14 Kopa Jehova hore a u tšehetse. Bolella Jehova mathata a hao le hore na a u ama joang. U ka rapella hore Jehova a u thuse ka tsela e itseng ka ho toba. U ka mo kopa hore a u fe moea oa hae o halalelang e le hore u be le matla le bohlale boo u bo hlokang hore u mamelle. Leha ho le joalo, hopola hore Jehova a ka araba thapelo ea rona ka tsela eo re sa e lebellang. (Baef. 3:20) A ka ’na a etsa hore mangeloi a hae kapa bara le barali ba bo rona ba u tšehetse. (Pes. 34:7) Kahoo, amohela thuso leha e le efe eo Jehova a u fang eona. O fana ka moea oa hae ka seatla se bulehileng, ’me moea oo o ka etsa hore re be le matla a lekaneng bakeng sa ho loantša teko eo re fetang ho eona.—Bala Bafilipi 4:13.

15. Ke eng e ka u thusang hore u mamelle mathata? (Sheba setšoantšo.)

15 Lula u matlafatsa kamano ea hao le Molimo. Etsa sohle seo u ka se khonang ho matlafatsa kamano ea hao le Molimo le haeba u se u sa khone ho etsa lintho tseo u neng u tloaetse ho li etsa pele. U lokela ho tlatsa monahano oa hao ka lintho tse tsoang Lentsoeng la Molimo, haholo-holo nakong ea “matšoenyeho le mathata.” (Pes. 119:143) Tsoela pele ho bala Bibele kamehla, ho ithuta eona le ho nahanisisa ka lintho tseo u ithutileng tsona. Etsa mosebetsi oa boboleli ka hohle kamoo u ka khonang le ho ea libokeng tsa Bokreste ’me u nke karolo ho tsona. Qeta nako u e-na le Bakreste-’moho le uena. Qoba ho itšehla thajana.—Liprov. 18:1.

Mor’abo rona ea betheng sepetlele o kene thutong ea Molula-Qhooa ka marang-rang. O tsamaisana le mokhanni a tšoere kopi ea hae ea Molula-Qhooa le Bibele.

Etsa sohle seo u ka se khonang ho lula u etsa lintho tse matlafatsang kamano ea hao le Molimo (Sheba serapa sa 15)


16. Ke lipelaelo life tseo re ka ’nang ra ba le tsona ha re tobana le mathata, hona re ka li hlola joang? (2 Bakorinthe 10:​4, 5)

16 Sebelisa Bibele ho lokisa tsela eo u nahanang ka eona. Ha u hlaheloa ke mathata, u ka ’na oa lokela ho fothola lintho “tse metseng ka matla.” Sena se akarelletsa lipelaelo tseo u nang le tsona ka uena kapa ka Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 10:​4, 5.) U ka tlosa lipelaelo tseo ka ho sebelisa ‘tsebo ea Molimo’ e hlahang ka Bibeleng le lingoloeng tse tsoang mokhatlong oa hae. Ka mohlala, na u belaella taba ea hore Jehova o ntse a u amohela? Ithute ka liphihlelo tsa moapostola Pauluse. Nakong ea ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae, o ile a feta mathateng a mangata a boima. Leha ho le joalo, mathata ao a ile a matlafatsa kholiseho ea hae ea hore kannete ke mosebeletsi oa Kreste eo Molimo a mo amohelang. (2 Bakor. 11:​23-27) Na u belaella taba ea hore Jehova o u tšoaretse libe tsa nakong e fetileng? Haeba ho joalo, iketsetse lethathamo la mangolo a bontšang hore Jehova o re tšoarela libe. (Esa. 43:25) Ka mor’a moo, bala litemana tsena ’me u nahanisise ka tsona. (Pes. 119:97) Na mathata a entse hore u ipotse hore na kannete Molimo o tla sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang? Etsa lipatlisiso ka taba ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mathata le kamoo a sireletsang kamano ea rona le eena kateng ho sa tsotellehe hore na re tobana le eng. (Pes. 91:​9-12) Hape, bala litlaleho tsa bara le barali ba bo rona ba ileng ba khona ho atleha le hoja ba ne ba feta har’a mathata.a

17. Re lokela ho etsa eng ha re hlaheloa ke mathata?

17 Na hona joale ha ho na mathata a boima ao u sebetsanang le ’ona? Haeba ho joalo, leboha Jehova ’me u sebelise monyetla oo ho nahana ka molemo oa hae. (Moek. 7:14) Empa ha mathata a hlaha, lula u e-na le pono e nepahetseng ka ’ona ’me u etse hore tšepo ea hao ho Jehova e lule e tiile. Ha u etsa joalo, ‘o tla u thusa e le hore u khone ho mamella.’ (1 Bakor. 10:13) Empa ho thoe’ng ka bara le barali ba bo rona? U ka ba thusa joang ha ba tobana le liteko? Sehloohong se latelang, re tla bua ka taba ena.

U KA RE’NG?

  • Ke eng e ka re thusang hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona?

  • Ho ba le pono e fosahetseng ka mathata a rona ho ka re lematsa joang?

  • Re ka etsa eng ha re hlaheloa ke mathata?

PINA EA 150 Tloong ho Molimo Hore le Lopolloe

a Ka mohlala, pale ea bophelo e nang le sehlooho se reng “Re Ile ra Utloa Bohloko Empa ra Boela ra Thaba” e hlahang ho jw.org e bua ka kamoo Mor’abo rona David Maza le lelapa la hae ba ileng ba mamella kateng ha ba ne ba hlokahalletsoe ke mora oa bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela