LA 22-28 FEBRUARY 2027
PINA EA 126 Falimehang, Emang le Tiile, le be Matla
Itokisetse ho se Nke Lehlakore Hona Joale
“’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.”—JOH. 18:36.
NTLHA-KHOLO
Ke hobane’ng ha re lokela ho itokisa hona joale e le hore re lule re sa nke lehlakore, hona re ka etsa seo joang?
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho itokisetsa ho se nke lehlakore?
A RE re ho na le sefefo se tlang se lebile sebaka seo u lulang ho sona. U tla etsa’ng? Ha ho pelaelo u tla itokisetsa sona. U tla bokella lintho tseo u li hlokang, u leke ho sireletsa ntlo ea hao, u be u batle moo u ka ipatang teng.
2 Ka ho tšoanang, hona joale ho rena moea o matla oa bochaba hohle ’me re lokela ho lula re itokisitse. Hobane’ng? Hobane o tlisa khatello ea ho nka lehlakore lipolotiking. Joaloka Jesu, ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Ka lebaka leo, bara le barali ba bo rona libakeng tse fapaneng ba ile ba hlorisoa ka sehloho, ba ba ba isoa literonkong. Re lebelletse hore liteko tse joalo li tla eketseha le ho feta hohle ha re ntse re atamela mahlomola a maholo.—Mat. 24:9, 21; Joh. 15:19.
3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
3 Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na re ka etsa’ng ho itokisetsa ho se nke lehlakore. Ka ho khetheha, re tl’o bua ka hore na re ka etsa’ng ha ’muso o re qobella ho kenela sesolea le ha re kenngoa literonkong. Empa a re qaleng ka hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka lula re tšepahalla Jehova ka lula re sa nke lehlakore.
JEHOVA O TLA U THUSA HO LULA U SA NKE LEHLAKORE
4. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lula ba tšepahala joang tlas’a maemo a thata?
4 Re buella ’Muso oa Molimo ka matla, empa ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Re kholisehile hore re ka lula re sa nke lehlakore le tlas’a maemo a thata hobane Jehova o tšepisitse hore o tla re fa matla ao re a hlokang. (Esa. 41:10; 2 Bakor. 4:7) Ka thuso ea Jehova, Bakreste ba bangata ba ile ba khona ho lula e se karolo ea lefatše lena. (Joh. 17:14) Ka mohlala, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hana ho kenella litabeng tsa lipolotiki mehleng ea bona. Ba ile ba mamela taelo ea Jesu ea hore ba se ke ‘ba nka sabole’ ’me ba hana ho kenela ntoa leha e le efe. (Mat. 26:52) Ba ile ba boela ba hana ho rapela moemphera. Ka lebaka leo, ba ile ba tšoaroa hampe. Ba bang ba bona ba ile ba bolaoa. Empa Jehova o ile a ba fa matla ao ba a hlokang hore ba lule ba mo tšepahalla.
5. Jehova o ikutloa joang ka batho ba tšehetsang ’Muso oa hae ka botšepehi?
5 Mehleng ena, batho ba Molimo le bona ba tšoaroa hampe hobane ba hana ho nka lehlakore.b Jehova o labalabela ho putsa ba lulang ba tšepahala lefatšeng le lecha. (Pes. 18:25) Le hona joale, o ba nka e le ba bohlokoa ’me o ba hlohonolofatsa ka hore ba tsebe hore oa ba amohela.—Pes. 5:12; Bar. 5:3-5.
6. U lokela ho itokisetsa eng?
6 Jehova a ka u thusa hore ‘u eme u tiile, u sa sisinyehe’ boikemisetsong ba hao ba ho lula u sa nke lehlakore lipolotiking. (1 Bakor. 15:58) Haeba u batla hore a u thuse, u lokela ho itokisa hona joale. Baholo le ba bang ba ka u thusa. Empa u entse qeto ea hore u tla lula u tšepahala ha u ne u inehela ho Jehova, kahoo u lokela ho itokisetsa ho hlalosa lintho tseo u li lumelang le ho li emela. U ka etsa seo joang?
ITOKISETSE TEKO EA HO QOBELLOA HO KENELA SESOLE HONA JOALE
7. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa nke lehlakore lipolotiking? (Johanne 18:36)
7 E mong le e mong oa rona o na le tokelo e babatsehang ea ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. Haeba oa tseba hore u ka ’na oa qobelloa ho kenela sesole, hopola hore na Jehova o ikutloa joang ka mebuso ea batho. Etsa lipatlisiso ka taba ena. (Sheba lebokose le reng “Litšupiso Tse ka u Thusang.”) Nako le nako u ka bala sehlooho sena le se fetileng. Litemana tse qotsitsoeng lihloohong tsena li re thusa ho bona hore kaha re Bakreste, re hlompha mebuso e re busang ’me re loanela ho ba baahi ba mamelang. (Bar. 13:1, 7; Tite 3:1; 1 Pet. 2:13, 14, 17) Empa kaha re babuelli ba ’Muso oa Molimo, re khetha ho lula re sa nke lehlakore lipolotiking. (Bala Johanne 18:36.) Ka mor’a ho rapela le ho etsa lipatlisiso ka taba ea ho se nke lehlakore, u tla khona ho iketsetsa qeto e tla bontša hore u hlompha “Morena oa bosafeleng,” Jehova le Mora oa hae, Jesu, e leng “Khosi ea likhosi le Morena oa marena” tabeng ea ho kenela sesole.—Tšen. 15:3; 17:14.
8. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba sa kenelle kapa hona ho tšehetsa lintoa. (Johanne 17:16)
8 Kaha re Bakreste, ha re kene mekhatlo e tšehetsang kapa e buellang ntoa. Lebaka la rona le ka sehloohong ke hore re buella ’Muso oa Molimo e le oona o nang le tokelo ea ho busa lefatše. (Mat. 6:10) Joaloka bafo le batšehetsi ba ’Muso oo, ha re kenelle lipolotiking. (Bala Johanne 17:16.) Rea utloisisa hore Lentsoe la Molimo le nyatsa lintoa. (Esa. 2:4; Lik. 5:29) Ho ekelletsa moo, Jesu o re file taelo ea hore re rate batho, ho akarelletsa le lira tsa rona. (Mat. 5:44) Hape re fuoe taelo ea hore re rate Bakreste-’moho le rona haholo. (Joh. 13:34, 35; 1 Pet. 4:8) Haeba re kenella lintoeng kapa re li tšehetsa, re tla be re sa mamele litaelo tsena tsa Bibele. (Sheba lebokose le reng “U ka Etsa’ng ha u Qobelloa ho Etsa Mosebetsi o Mong?”) Hape re ka ba molato oa ho bolaea bara le barali ba bo rona.
9. Ke litsela life tse ling tseo re ka itokisetsang teko ea ho qobelloa ho kenela sesole?
9 Ha ho pelaelo hore u tseba melao-motheo e buang ka ho se nke lehlakore lipolotiking. Potso ke hore, na u ka e hlalosa ka tsela e hlakileng? (1 Pet. 3:15) Ba boholong ba ka ’na ba u fa metsotso e fokolang feela hore u e hlalose. Kapa ba ka ’na ba re u fane ka tlhaloso e pharaletseng. Kahoo, e ka ba bohlale hore u itokisetse maemo ana ka bobeli. Hlalosa ka ho hlaka hore lintho tseo u li lumelang li thehiloe Bibeleng. Re hana ho kenella lintoeng hobane re tšehetsa ’Muso oa Molimo, eseng hobane re tšaba kapa re le boi. Itokisetse ho bua ka tlhompho, ka tsela e hlakileng le e bontšang kholiseho joaloka moapostola Pauluse. (Lik. 26:1, 28, 29) Itokisetse ho emela tumelo ea hao, empa u se ke oa tšoenyeha ho feta tekano ka hore na u tla re’ng. Hopola hore Jehova o tla u fa moea oa hae le bohlale ba hore u pake ka lebitso la hae. (Luka 21:12-15) O tla boela a u fe matla a ho mamella haeba u tšoaroa hampe ka lebaka la ho se nke lehlakore. (1 Bakor. 10:13) Haeba ho khoneha, bua le Bakreste-’moho ba ileng ba qobelloa ho kenela sesole sebakeng sa heno. Ba botse hore na ba ile ba tobana le liphephetso life le hore na ba ile ba itokisetsa tsona joang.—Liprov. 20:18.
10. Ho ka etsahala’ng ha u ntse u hlalosa hore na ke hobane’ng ha u sa nke lehlakore?
10 Hopola hore ha u ntse u hlalosetsa ba boholong seo u se lumelang, ho ka etsahala hore ba bang ba batle ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova. Sena se ile sa etsahalla bara ba bo rona ba bang. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ba boholong ba etse qeto ea hore u ee teronkong le hoja u hlalositse tumelo ea hao hantle. Ke ho utloahalang hore u tla tšoenyeha. Kahoo, a re bueng ka hore na re ka etsa’ng hona joale hore re lule re tšepahala ha ho ka etsahala hore re ee teronkong?
ITOKISE HONA JOALE BAKENG SA TEKO EA HO ISOA TERONKONG
11. Lebaka le ka sehloohong la hore Mokreste a lule a tšepahala ha a le teronkong ke lefe? (Tšenolo 2:10)
11 Mehleng ea Bibele, batho ba Jehova ba bangata ba ile ba hlokeloa toka ’me ba isoa teronkong, seo se ntse se etsahala le kajeno. (Gen. 39:20; Lik. 8:3; Bafil. 1:7) E le ho itokisetsa boemo bona, re lokela ho lula re matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova. Hopola hore ha re hlorisoa “ka lebaka la ho loka” re kenya letsoho hore lebitso la Jehova le halaletsoe ebile re tšehetsa bobusi ba hae. (Mat. 5:10, 11; Jobo 2:4, 5; 1 Pet. 3:17) Kholiseha hore Jehova o batla hore u atlehe. Kahoo, u se ke oa tšoha. Jehova o tla u thusa hore u lule u tšepahala.—Bala Tšenolo 2:10.
12. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re hlaolele ho bala Bibele kamehla hona joale?
12 Hona joale hlaolela ho ba le litloaelo tse ntle le makhabane a tla u thusa hore u lule u tšepahalla Jehova ha u le teronkong. Ka mohlala, itloaetse ho bala Bibele kamehla. Mor’abo rona Takis, ea qetileng selemo le halofo a le teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore eo hona joale e seng e le molebeli oa potoloho o re: “Pele ke ea teronkong, ke ne ke qeta nako e ngata ke etsa thuto ea botho, e leng tloaelo eo ke ileng ka e tsoellisa pele le ha ke se ke le teronkong.” U ka etsa’ng haeba u sa lumelloe ho bala Bibele teronkong? Moea oa Jehova o tla u thusa ho hopola linnete tsa Bibele, litšepiso le melao-motheo eo u ithutileng eona, e tla matlafatsa tumelo ea hao.c (Joh. 14:26) Kahoo, hona joale ke nako ea ho itloaetsa ho bala Bibele kamehla.
13. U ka etsa eng hona joale hore u be motho ea bopang khotso?
13 Ka masoabi, bara ba bo rona ba bang ba ile ba thatafalloa ke ho phelisana ka khotso ha ba le teronkong. U ka itokisetsa ho rarolla liqabang le Bakreste-’moho joang? Sebetsa ka thata hona joale ho ba le makhabane a tla u thusa ho ba motho ea bopang khotso. (Mat. 5:9; Bar. 12:18) Tloaelana le bara le barali ba bo rona ba sa tšoaneng le uena. Ikemisetse ho tela lintho tseo u li ratang e le hore ho be le khotso, hafeela u sa tlole melao-motheo ea Bibele. Ha u le motho ea bopang khotso hona joale, u tla nolofalloa ke ho phelisana le ba bang ka khotso haeba u ka ea teronkong.
14. Hangata bara ba bo rona ba teronkong ba kopana le bothata bofe, hona ke eng e ileng ea thusa ba bang?
14 Ka linako tse ling, Bakreste-’moho le rona ba teronkong baa nyahama. U ka itokisetsa boemo boo joang? Qalella hona joale ho tsotella ba bang, haholo-holo Bakreste-’moho le uena. Ha u lula u nahana ka litsela tsa ho thusa ba bang, u tla imoloha. Moapostola Pauluse ha a le teronkong o ile a ngola, a re: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.” (Bafil. 2:4) Mor’abo rona Ho-Seon, eo e leng moholo ebile e le pula-maliboho, ha a bua ka nako eo a neng a tšoeroe ka lebaka la ho se nke lehlakore, o re: “Ke ne ke rapella ba lelapa, metsoalle le Bakreste-’moho ba neng ba e-na le mathata a mang a fapaneng ba neng ba se teronkong.” Ho thoe’ng teng haeba bara ba bo rona ba bang ba e-na le uena teronkong? Mor’abo rona Takis, eo re buileng ka eena pejana, o bua ka se ileng sa mo thusa. O re: “Kaha ke ne ke batla ho thusa bara ba bo rona e le kannete, ke ile ka ba le matla a ho ema ke tiile.” U ka thusa Bakreste-’moho joang ha u le teronkong? Batla litsela tsa ho ba khothatsa le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Ho nahana haholo ka ho thusa ba bang ho ka etsa hore u thabe.
15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho itloaetsa ho rapela? (Jakobo 1:5) (Sheba lebokose le reng “Ha u sa Tsebe Hore na u Lokela ho Etsa’ng.”)
15 U ka etsa eng hape hore u itokisetse ho mamella ka botšepehi ha u le teronkong? Haeba u tseba Bakreste ba bang ba ileng ba ea teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore, ba botse hore na ba ile ba thulana le mathata afe le hore na ba ile ba sebetsana le ’ona joang. Bonneteng, u ke ke oa tseba mathata ’ohle ao u ka ’nang oa thulana le ’ona. Moholo e mong ha a bua ka nako eo a neng a le teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore, o re: “Ho ka hlaha boemo boo u sa tsebeng hore na u sebetsane le bona joang u sa lebella.” O ile a ithuta ho rapela pele a araba potso leha e le efe, a etsa qeto kapa a sebetsana le bothata bofe kapa bofe. (Bar. 12:12; Bafil. 4:6) Hona joale ke nako ea ho itloaetsa ho rapela, u kope bohlale ba ho sebetsana le mathata ho sa tsotellehe hore na a maholo kapa a manyenyane.—Bala Jakobo 1:5.
16. Bara ba bo rona ba bangata ba literonkong ba ile ba etsa eng? (Sheba litšoantšo.)
16 Hopola hore le ha u le teronkong u ntse u le ’moleli oa litaba tse monate, ka liketso le ka lipuo tsa hao. (Mat. 28:19, 20; Lik. 10:42; 1 Pet. 2:12) Itokisetse ho paka ha u le teronkong ka hore u chesehele mosebetsi oa boboleli hona joale. Bara ba bo rona ba bangata ba literonkong ba ile ba tšoara liboka, ba pakela batšoaruoa ba bang, ba paka ka ho ngola mangolo, ba nkela bopula-maliboho bo thusang le ho khanna lithuto tsa Bibele.d Maemong a mang, bara ba bo rona ba literonkong ba ile ba thusa batšoaruoa ba bang le balebeli ba literonko ho ithuta ’nete. Haeba u sebetsa ka thata ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho ruta hona joale, u ka ’na oa atleha ho paka le ha u le teronkong.(Lik. 17:1-4) Hape itokisetse ho itšoara hantle ha u le teronkong ka hore u ithute ho itšoara hantle le tlas’a maemo a thata hona joale. Ha u lula u le mosa, u le bonolo, u sebetsa ka thata ebile u hlompha ba bang, ho akarelletsa le ba u hanyetsang, batho ba shebileng ba ka ’na ba batla ho ithuta ka Jehova ka lebaka la boitšoaro ba hao bo botle.—Mat. 5:16; Tite 3:1, 2.
Ha u le teronkong etsa sohle seo u ka se khonang hore u lule u etsa lintho tsa moea (Sheba serapa sa 16)
17. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho sebeletsa ho lula u e-na le kamano e haufi le Jehova ha u le teronkong? (1 Petrose 1:6, 7)
17 Bara le barali ba bo rona ba bangata ba tsoile literonkong ba e-na le tumelo e matla le ho feta. (Jak. 1:2-4; bala 1 Petrose 1:6, 7.) Ka mor’a moo, ba matlafatsa ba bang. Leha ho le joalo, ka masoabi ba bang ba ileng ba hloleha ho lula ba e-na le kamano e haufi le Jehova ha ba le teronkong, ba ile ba khaotsa ho mo sebeletsa hamorao. Haeba u sebelisa likeletso tse lirapeng tse fetileng, u tla lula u e-na le kamano e ntle le Jehova le ha u le teronkong.
THUSA BA TOBANENG LE LITEKO
18. Tsela e ’ngoe ea ho thusa mocha oa Mokreste ho itokisetsa ho qobelloa ho kenela sesole ke efe?
18 Na ho na le motho e mong ka lapeng kapa ka phuthehong ea heno ea tla qobelloa ho kenela sesole haufinyane? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng ho mo thusa ho itokisa? Mor’abo rona e mong o ile a sebelisa nako ea borapeli ba lelapa ho thusa bara ba hae ba babeli ho ipuella ha ba tobana le boemo bona. Nakong ea borapeli ba lelapa o ne a iketsa eka ke lepolesa ebe o botsa bara ba hae lipotso e le hore ba hlalose seo ba se lumelang. Na le uena u ka etsa ntho e tšoanang bakeng sa motho e mong lelapeng la hao kapa phuthehong ea heno ea ka ’nang a tobana le boemo boo?
19. Lelapa le ka itokisa joang haeba le tseba hore setho se seng se ka ’na sa isoa teronkong?
19 Mohlomong oa tseba hore e mong oa lelapa a ka ’na a isoa teronkong. Ho tseba taba ena ho ka etsa hore lelapa lohle le tšoenyehe. Haeba le rapela ’moho ’me le etsa borapeli ba lelapa kamehla, le ka fokotsa ho tšoenyeha. Haeba e mong oa lelapa o haufi le ho isoa teronkong, a ka ’na a tšoenyeha ka hore na le tla sala le etsa joang, haholo haeba e le eena hlooho ea lelapa. Boemong boo le ka etsa joang? Buisanang le le lelapa hona joale hore na ho tla sala ho etsahala’ng ha a le sieo. Ka mohlala, le tla etsa’ng e le hore le tsoele pele ho etsa lintho tsa moea? Haeba ho tla ba le mathata a lichelete, le tla etsa’ng ho sebetsana le ’ona? Le tla etsa litokisetso life e le hore le fumane tšehetso le khothatso ho baholo kamehla? Na le ka etsa tokisetso ea ho mo etela hangata kamoo le ka khonang teronkong? Haeba le rera esale hona joale hore na le tla etsa’ng, seo se tla thusa motho eo le mo ratang hore a khone ho mamella ka botšepehi ha a le teronkong.
20. Baholo le ba bang ka phuthehong ba ka tšehetsa ba literonkong le ba malapa a bona joang?
20 Baholo le ba bang ka phuthehong ba ka thusa joang? Moapostola Pauluse o ile a re: “Le lule le nahana ka bana ba bo rona ba literonkong joalokaha eka le koaletsoe le bona.” (Baheb. 13:3) Bara ba bo rona ba literonkong ba matlafala haholo ha re ba etela, re ba letsetsa le ha re ba ngolla mangolo. Ba hloka lijo tse nang le phepo, lintho tse ka ba nolofalletsang bophelo teronkong, le chelete. (Jak. 2:16; 1 Joh. 3:17) Hopola le ba malapa a bona. E ka ’na eaba ba hloka maeto a bolisa kapa ho thusoa ka litsela tse itseng. Hape hopola hore ha ba lokolloa, ba bang ba hloka ho thusoa hore ba khutlele setloaeling le ho etsa lintho tsa moea joaloka pele.
21. Ha moea oa bochaba o ntse o ipha matla, u ikemiselitse ho etsa’ng?
21 Kaha moea oa bochaba o ntse o ipha matla, ho se nke lehlakore ha rona ho tla lekoa le ho feta. Empa liteko tsena ke tsa nakoana. Ka Armagedone, Jehova o tla felisa mebuso eohle ea lefatše. (Dan. 2:44) Ka mor’a moo, o tla kenya batho ba hae lefatšeng le lecha la ho loka. Tlas’a ’Muso ona oo esale batho ba hae ba o buella ka nako e telele, ha ho motho ea tla tšoaroa hampe kapa a kenngoe teronkong ka ho hloka toka. Empa pele nako eo e fihla, a re luleng re ikemiselitse ho lula re sa nke lehlakore. Hape e se eka re ka tsoela pele ho buella le ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo o leholimong.
PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa
a Linaheng tse ling, ’muso o lebeletse hore bahlankana le baroetsana ba kenele sesole.
b U ka bala lipale tsa ba bang ba bona ho jw.org tla’sa karolo ea Litaba le ho Watch Tower Publications Index, sehloohoaneng sa “life stories,” tlas’a sehlooho sa “Neutrality.”
c Ba bang ba etsa bonnete ba hore ba tšoara litemana tsa Bibele le lipina ka hlooho molemong oa ha ba ka haneloa ho nka Bibele kapa lingoloa tsa rona ha ba le teronkong.
d Teronkong tseo bara ba bo rona ba sa khoneng ho paka ho hang, ba etsa eka ba pakela motho. Ho etsa joalo ho matlafatsa tumelo ea bona le bokhoni ba bona ba ho hlalosa seo ba se lumelang.