Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 December maq. 28-29
  • Melemo ea ho Ipha Nako ea ho ba Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melemo ea ho Ipha Nako ea ho ba Mong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JESU O NE A NKA HO IPHA NAKO EA HO BA MONG E LE NTHO EA BOHLOKOA
  • KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA THATAFALLOA KE HO BA LE NAKO EA HO BA BANG?
  • RE KA ETSA’NG E LE HORE RE IPHE NAKO EA HO BA BANG?
  • Bohlokoa ba ho ba Boinotšing
    Tsoha!—1998
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Tsela eo U Ithutang ka Eona?
    Tsoha!—2021
  • “Ke Rata Ntate”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • U ka Thabela Setsoalle se Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 December maq. 28-29
Jesu o salisa barutuoa ba hae hantle a le lebopong ha ba tsamaea ka sekepe.

Melemo ea ho Ipha Nako ea ho ba Mong

JEHOVA o ile a re ho Joshua: “Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao. U e bale ka lentsoe le tlase bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona.” (Josh. 1:8) Le rona re lokela ho etsa se tšoanang e le hore re ka lula re le haufi le Molimo oa rona, Jehova.—Jak. 4:8.

Ho bala Lentsoe la Molimo “ka lentsoe le tlase” ho bolela ho nahanisisa ka lona, kapa ho nahana ka hloko ka seo u se balang le ho leka ho utloisisa hore na u ka se sebelisa joang bophelong ba hao. U ka khona ho ithuta Bibele ka tsela ena ha u le mong sebakeng se thotseng, moo ho se nang letho le ka u sitisang. Ho ipha nako ea ho ba mong ho tla boela ho u fe monyetla oa hore u rapele Jehova u sa tata.

JESU O NE A NKA HO IPHA NAKO EA HO BA MONG E LE NTHO EA BOHLOKOA

Hangata Jesu o ne a batla menyetla ea ho ba mong. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe o ile a leka ho “ea moo a leng mong,” empa letšoele la batho le ile la mo fumana. Jesu o ile a etsa’ng? O ile a ipha nako ea ho phekola batho le ho fepa letšoele.—Mat. 14:13, 14, 19, 20.

Na see se bolela hore Jesu o ne a tela nako ea hae ea ho ba mong ka ho feletseng? Le letho. Bibele e re ka mor’a hore Jesu a fepe letšoele, o ile “a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela. O ne a ntse a le mong moo ho fihlela mantsiboea.” Jesu ha aa ka a theoha thabeng ho fihlela “ka meso,” pakeng tsa hora ea boraro le ea botšelela hoseng.—Mat. 14:23-25.

Ho hlakile hore Jesu o ne a ipha nako ea ho ba mong e le hore a ka rapela le ho nahanisisa ka botebo ka kamano ea hae le Ntate oa hae, Jehova. Haeba Jesu, Mora ea phethahetseng oa Molimo o ne a hloka nako ea ho ba mong le Ntate oa hae, le rona re hloka ho ba le nako ea ho ba bang le Jehova.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA THATAFALLOA KE HO BA LE NAKO EA HO BA BANG?

Mehleng ena ho tletse lintho tse re sitisang hohle mona. Le haeba re le bang, lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike ho kena melaetsa eo re ka utloang eka re tlameha ho e araba hang-hang. Haeba re li tima, re ka ’na ra tšoenyeha, ra ipotsa ra re: ‘Haeba ho na le motho ea mpatlang moo?’ ‘Haeba ho na le maemo a tšohanyetso teng?’ ‘Na ha kea lokela ho lula ke fumaneha?’

Bothata bo bong ke hore mehleng ena, re phela bophelo bo potlakileng, kahoo batho ba bangata ha ba thabele ho ba bang. Ba bang ba thatafalloa ke ho lula moo ho thotseng ba le bang, ho se na ntho e ba phathahantseng. Setsebi se seng sa likamano tsa batho se re: “Batho ha ba thabele ho ba bang le ha e ka ba ka metsotso e seng mekae feela.” Re ka etsa’ng ho ipha nako ea hore re be bang le Jehova, ho se na ntho e re sitisang, joaloka Jesu?

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE IPHE NAKO EA HO BA BANG?

Joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore o ba le nako ea ho ba mong. Empa hlokomela hore na o ile a etsa sena joang.

Ntlha ea pele, Bibele e re o ile “a bolella batho hore ba tsamaee.” (Mar. 6:45) Ka nako eo, mohlomong Jesu a ka be a ile a folisa batho ba eketsehileng kapa a ba ruta lintho tse ling tse ngata. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo Jesu a ka li etsetsang batho. Empa o ne a utloisisa hore o hloka nako ea ho ba mong. Haeba Jesu a ne a ka hlokomoloha kamano ea hae le Jehova, qetellong o ne a sa tl’o khona ho thusa batho ba bang ka letho.

Ntlha ea bobeli, tlaleho eo e re ka Jesu, o ile “a re barutuoa ba hae ba palame sekepe ’me ba ee ka lehlakoreng le leng la leoatle.” (Mar. 6:45) Ho ea ka buka e ’ngoe ea litšupiso, mantsoe a fetoletsoeng e le “a re” a fana ka boikutlo ba ho potlaka ’me a bolela “ho qobella” kapa “ho laela.” Ho hlakile hore Jesu o ile a elelloa hore o ne a lokela ho etsa boiteko e le hore a be le nako ea ho ba mong. Boemong bona o ile a lokela ho bolella barutuoa ba hae hore ba tsamaee.

Joaloka Jesu, re ka ’na ra lokela ho etsa nako ea ho ba bang. Ka mohlala, haeba re phathahane haholo ka ho qeta nako le metsoalle kapa ka ho phetha boikarabelo ba rona ka phuthehong hoo re se nang nako ea ho rapela le ho nahanisisa, re lokela ho etsa ho hong. Ha rea lokela ho utloa re tlamehile ho amohela memo e ’ngoe le e ’ngoe eo re e fumanang. Hape ha rea lokela ho ikutloa re le molato haeba re sa khone ho thusa ba bang ka linako tsohle. Ka linako tse ling re lokela ho hana ka tsela e mosa le e bontšang ho nahanela.

Morali oa bo rona o bala Bibele a le hae esale hoseng.

U ka ipehela nako ea ho rapela, ho bala Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona neng?

Joaloka Jesu, re hloka nako ea ho ba bang. Haeba re etsa bonnete ba hore re behella nako ka thoko e le hore re bale Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona moo ho thotseng, re tla be re etsa e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo,” e leng ho matlafatsa setsoalle sa rona le Ntate oa rona ea leholimong, Jehova.—Bafil. 1:10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela