Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 15 January

Uena ea nang le tumelo e nyenyane, ke hobane’ng ha u ile ua itesella ho belaela?—Mat. 14:31.

Barutuoa ba ile ba bona Jesu a tsamaea holim’a metsi, Leoatleng la Galilea. Petrose a hoeletsa Jesu, a mo kōpa hore na a ka tla ho eena a tsamaea holim’a metsi. Jesu o ile a re a tle, eaba Petrose o tsoa ka seketsoaneng ’me o ea ho eena. Empa ka mor’a nakoana, Petrose a qala ho teba. Hobane’ng? Hobane o ile a talima sefefo le maqhubu eaba o oa tšoha. Petrose o ile a hoeletsa a kōpa thuso ’me Jesu a mo tšoara a ntan’o bua mantsoe a ka holimo. (Mat. 14:24-32) Petrose o ne a e-na le tumelo e matla. Ha Jesu a mo bitsa, o ile a tsoa ka seketsoaneng ’me a tsamaea holim’a metsi. O ne a lumela hore matla a Molimo a tla mo nolofalletsa ho tsamaea holim’a metsi, feela joaloka Jesu. Le rōna ka ho tšoanang, ha Jesu a re mema hore re mo latele, re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa. Hobane re lumela ho Jehova le ho Jesu ’me re tšepa hore ba tla re thusa.—Joh. 14:1; 1 Pet. 2:21. w15 9/15 3:1, 3

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela