Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 22 January

Lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Esa. 40:8.

Litsebi tsa Bibele li ile tsa hlahloba ka hloko libuka tse ngotsoeng ka letsoho le likarolo tse ling tsa tsona hammoho le liphetolelo tsa khale tsa Bibele. Sena se ile sa etsa hore li hlokomele ho se tšoane litemaneng tse seng kae le hona linthong tse fokolang. Empa molaetsa oa Bibele ha o oa fetoha. Liphuputso tse kang ena li netefaletsa liithuti tsa Bibele hore Bibele eo li e balang kajeno ke Lentsoe la Jehova le bululetsoeng. Le hoja e le khale Bibele e hlaseloa, e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 2 800. Ke eona feela buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata hakaalo. Batho ba bangata ha ba lumele ho Molimo, empa Lentsoe la hae le tsoela pele ho ajoa ka bongata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li le thata ho utloisiseha kapa li na le liphoso, boholo ba tsona li fana ka molaetsa o bonolo oa tšepo le oa bophelo bo sa feleng. w15 12/15 1:13, 14

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela