Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 28 January

E-re ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela, ’me nke ke ka mo etsa joalo habeli.—1 Sam. 26:8.

Ha Abishai a ne a batla ho bolaea Saule, o ne a leka ho tšepahalla Davida. Empa kaha Davida o ne a tseba hore ke phoso ho bolaea “motlotsuoa oa Jehova,” ha aa ka a lumellana le eena. (1 Sam. 26:9-11) Re ithuta ntlha ea bohlokoa ho sena: E leng hore ha re hloka ho etsa qeto ea hore na re tšepahalla mang pele, re lokela ho nahana ka melao-motheo ea Bibele e buang ka boemo boo re tobaneng le bona. Ka tloaelo re tšepahalla batho bao re ba ratang, ba kang metsoalle kapa beng ka rōna. Empa kaha ha rea phethahala, maikutlo a rōna a ka ’na a re khelosa. (Jer. 17:9) Kahoo haeba motho eo re mo ratang a etsa sebe ’me a tlohela phutheho, re lokela ho hopola hore ke habohlokoa ho tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang.—Mat. 22:37. w16.02 4:5, 6

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela