Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 4 February

U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.—Pes. 145:16.

Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng, ’me a atisa ho thusa ba hlokang. (1 Bakor. 1:24) O ne a sa ba thuse hobane feela a batla ho bontša hore o na le matla. Jesu o ne a tsotella batho e le kannete. Nahana ka Matheu 14:14-21. Batho ba bangata ba tsoang metseng ba ile ba sala Jesu morao ba tsamaea ka maoto. (Mat. 14:13) Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba ne ba tšoenyehile ka hore batho bao ba khathatse ebile ba lapile. Kahoo, ba kōpa Jesu hore a re bongata boo bo il’o ithekela lijo. Jesu o ile a etsa’ng? Jesu o ile a fepa banna ba ka bang 5 000, hammoho le basali le bana ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli. E tlameha ebe Jesu o ile a etsa lijo tse ngata, kaha bongata boo bo ile “ba ja ba khora.” Lijo tseo ba neng ba li jele li ne li tla ba fa matla ao ba a hlokang hore ba nke leeto le lelelele ha ba khutlela hae. (Luka 9:10-17) Ha bohle ba se ba jele, barutuoa ba ile ba tlatsa libaskete tse 12 ka lijo tse setseng! w15 6/15 1:8, 9

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela