Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 9 January

Ke tla fetela liponong tse phahametseng matla a tlhaho le litšenolong tsa Morena.—2 Bakor. 12:1.

Le pele ho feta lilemo tse lekholo phutheho ea Bokreste e thehiloe, bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele bo ile ba hlahella. (Lik. 20:28-30; 2 Bathes. 2:3, 4) Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba thata ho khetholla barapeli ba ’nete ba Molimo. Ho ile ha feta lilemo tse makholo pele Jehova a sebelisa Jesu ho khetholla batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea Hae ea moea. Ka 1919, batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea hae ea moea le bao a ba amohelang ba ile ba khetholleha ka ho hlaka. Ba ile ba etsa liphetoho e le hore Jehova a amohele borapeli ba bona. (Esa. 4:2, 3; Mal. 3:1-4) Kahoo, pono eo moapostola Pauluse a bileng le eona lilemo tse makholo pele ho moo, e ile ea phethahala. Pono eo Pauluse a bileng le eona e hlalositsoe ho 2 Bakorinthe 12:2-4. Ponong eo, Jehova o ile a bontša Pauluse se neng se tla etsahala nakong e tlang. w15 7/15 1:6-8

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela