Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 10 January

Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.—Mat. 13:43.

Na see se bolela hore batlotsuoa “ba tla nkeloa sebakeng”? Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba lumela hore Bakreste ba tla nkeloa leholimong ka ’mele ea nama. Ba boetse ba nahana hore ba tla bona Jesu ka mahlo ha a khutla ho tla busa lefatšeng. Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jesu o tla khutla ka mokhoa o sa bonahaleng, ha e re “pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong” ’me Jesu o tla tla “ka maru a leholimo.” (Mat. 24:30) Bibele e boetse e re “nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo.” Kahoo, batlotsuoa ba tla nkeloa leholimong ba lokela ho “fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.” (1 Bakor. 15:50-53) Re ke ke ra re “ba tla nkeloa sebakeng,” kaha eo ke thuto ea Bokreste-’mōtoana. Empa batlotsuoa ba tšepahalang ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ba tla bokelloa hammoho ka ho panya ha leihlo. w15 7/15 2:14, 15

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela