Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 15 October

Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.—Joh. 17:16.

Jesu o ile a re lemosa hore ba bang ba tla re hloea hobane re sa tšoane le bona. Hopola hore ba bangata ba bahanyetsi ba rōna ha ba tsebe letho ka ’Muso oa Molimo. Kahoo, ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha re tšepahalla ’Muso oo, ho e-na le ho tšehetsa mebuso ea batho. E le hore re tšepahalle bobusi ba Jehova, re lokela ho ikokobelletsa eena ho sa tsotellehe seo batho ba ka ’nang ba se bua le ho se etsa. (Dan. 3:16-18) Bacha ka ho khetheha ba ka ’na ba thatafalloa ho ba mekhelo. Batsoali, thusang bana ba lōna hore ba be sebete ha ba le sekolong. Ba ka ’na ba tšaba ho hana ho lumelisa folakha kapa ho kopanela meketeng e itseng ea bochaba. Ha le tšoara borapeli ba lelapa, le ka ’na la buisana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tsena. Ba ruteng hore na ba ka hlalosa seo ba se lumelang joang ka tlhompho le ka tsela e hlakileng. (Bar. 1:16) Hape haeba ho hlokahala, thusang bana ba lōna ka hore le bue le matichere ’me le a hlalosetse seo re se lumelang. w15 7/15 3:15, 16

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 9-15 OCTOBER, 2017

17 Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela