Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 22 October

Ea lokileng o tla phela ka lebaka la tumelo.—Bagal. 3:11.

Re lokela ho kholiseha hore haeba re latela tataiso ea Jehova, o tla re thusa. Re lokela ho tšepa Molimo, hobane a ka khona ho re thusa. Pauluse o re Molimo ‘ka matla a hae a sebetsang ho rōna, a ka etsa lintho tse fetang tseo re li nahanang.’ (Baef. 3:20) Bahlanka ba Jehova ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho phetha thato ea Molimo, empa ba boetse baa hlokomela hore ba ke ke ba finyella seo ka botlalo. Re ananela haholo hore ebe Molimo o oa re tšehetsa ebile o hlohonolofatsa boiteko bohle ba rōna. Na le rōna re ka lebella hore Jehova a re fe tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa? Jehova o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rōna ha re ‘kōpa ho ea ka thato ea hae.’ (1 Joh. 5:14) Jehova o oa thaba ha re mo tšepa ka ho feletseng. O tla re fa tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa ’me seo se tla re matlafatsa tumelong le ho etsa hore re be har’a ba “tšoaneloang ke ’muso oa Molimo.”—2 Bathes. 1:3, 5. w15 10/15 2:16-18

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 16-22 OCTOBER, 2017

22 Lula U Apere Botho bo Bocha

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela