Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 7 October

Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo.—2 Tim. 4:18.

Na u kile ua tobana le bothata ’me ua utloa eka ha ho na motho ea u thusang? Mohlomong u ne u feletsoe ke mosebetsi kapa u hatelloa ke lithaka sekolong. Mohlomong u ne u kula haholo kapa u tobane le teko e itseng. E ka ’na eaba u ile ua kōpa batho ba bang hore ba u thuse empa ua soetseha ha ba hlōleha ho u thusa. Ke ’nete hore mathata a mang ke ao batho ba ke keng ba khona ho a rarolla. U lokela ho etsa’ng boemong boo? Bibele e re u lokela ho “tšepa Jehova.” (Liprov. 3:5, 6) Na u ka kholiseha hore o tla u thusa? E, u ka kholiseha! Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e re kholisang hore Jehova o fela a thusa batho ba hae. U se ke ua utloa bohloko ha batho ba hlōleha ho u thusa. Empa joaloka Pauluse, nka hore teko eo e u fa monyetla oa hore u tšepe Jehova ka ho feletseng. E boetse e u fa monyetla oa hore u bone kamoo a u hlokomelang kateng. Seo se tla etsa hore u tšepe Jehova le ho feta ’me kamano ea lōna e tla ba matla. w15 4/15 4:3-5

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 2-8 OCTOBER, 2017

8 ‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela