Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 30 September

Moea o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.—Joh. 3:8.

Motlotsuoa a ka ’na a re, ‘Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova khethile ’na?’ Ebile a ka ’na a ipotsa hore na o tla khona ho jara boikarabelo bona. Empa ha a na pelaelo ea hore Jehova o mo khethile. Ho e-na le hoo, o thabela mpho ena haholo. Batlotsuoa bohle ba lumellana le mantsoe a Petrose, a reng: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna.” (1 Pet. 1:3, 4) Ha batlotsuoa ba bala mantsoe ana, ba tseba hantle hore Ntate oa bona o bua le bona ka ho toba. w16.01 3:11, 12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 25 SEPTEMBER, 2017–LA 1 OCTOBER, 2017

3 Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela