Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 9 October

E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.—Gen. 3:15.

E tlameha ebe Abele o ile a nahanisisa ka sena seo Molimo a neng a se buile. Mohlomong o ile a ipotsa hore na ke mang ea neng a tla longoa serethe ke noha ’me a thuse ho khutlisetsa batho phethehong. Abele o ne a lumela hore ntho leha e le efe eo Jehova a e tšepisitseng e tla phethahala, ’me Jehova a khahloa ke sehlabelo seo a ileng a se nyehela. (Gen. 4:3-5; Baheb. 11:4) Noe o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova, kahoo ha aa ka a timetsoa ka Moroallo. (Baheb. 11:7) ’Me ka tumelo, Noe o ile a etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo. (Gen. 8:20) Ka mor’a Moroallo, lefatše le ile la boela la senyeha. Nimrode o ile a qala ho busa ’me a batla hore batho ba fetohele Jehova. (Gen. 10:8-12) Empa Noe o ile a lula a le matla tumelong. Ho tšoana le Abele, o ne a kholisehile hore ka letsatsi le leng Molimo o tla felisa sebe le lefu. E ka ’na eaba Noe o ile a boela a nahana ka nako eo ka eona ho sa tl’o hlola ho e-ba le babusi ba sehlōhō. Le rōna re ka nahana ka nako eo e babatsehang, ’me hona joale e atametse!—Bar. 6:23. w15 5/15 3:4, 6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 9-15 OCTOBER, 2017

17 Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela