Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 2 October

Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, u nke leeto u ee naheng ea Moria ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.—Gen. 22:2.

Kajeno, Jehova ha a re laele hore re etse sehlabelo ka bana ba rōna, empa o batla hore re mamele litaelo tsa hae. Ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra utloisisa litaelo tseo, kapa tsa re thatafalla. Na u ee u ikutloe ka tsela eo? Ba bang ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Mohlomong ke batho ba lihlong kapa ba thatafalloa ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba tšaba ho ba mekhelo mosebetsing kapa sekolong. (Ex. 23:2; 1 Bathes. 2:2) Haeba u fuoa kabelo e u thatafallang, nahana ka mohlala oa Abrahama o motle oa ho ba le tumelo le sebete. Ha re thuisa ka mehlala ea banna le basali ba ileng ba tšepahala, seo se tla re susumelletsa hore re ba etsise, ’me re tla atamela haufi le Motsoalle oa rōna, Jehova.—Baheb. 12:1, 2. w16.02 1:3, 14

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 2-8 OCTOBER, 2017

8 ‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela