Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 10 December

Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?—Lik. 1:6.

Pele Jesu a khutlela leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa, ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Jesu o ile a re ha e-s’o be nako ea hore ba tsebe hore na ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa neng. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba amehe ka mosebetsi oa bohlokoa oa boboleli. (Lik. 1:7, 8.) Empa a boela a ba ruta hore ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle ’me ba o letele. Ke kahoo le kajeno re ntseng re rapella ’Muso oo hore o tle. Ha nako ea hore Jesu a qale ho busa a le leholimong e ntse e atamela, Jehova o ile a thusa batho ba hae ho utloisisa hore na seo se tla etsahala neng. Ka 1876, Charles Taze Russell o ile a ngola sehlooho se reng, “Linako Tsa Lichaba: Li Fela Neng?” O ile a hlalosa hore “linako tse supileng” tseo ho buuoang ka tsona boprofeteng ba Daniele ke “linako tse behiloeng tsa lichaba” tse boprofeteng ba Jesu. Sehlooho seo se ile sa hlalosa hore linako tseo li tla fela ka 1914.—Dan. 4:16; Luka 21:24. w15 6/15 4:11, 12

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 4-10 DECEMBER, 2017

12 “Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela