Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 3 December

Nke ke ka u tlohela.—2 Mar. 2:2.

Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, moprofeta Elia o ile a kōpa Elisha ea mocha hore e be mohlanka oa hae. Elisha o ile a lumela hang-hang, ’me ka botšepehi a thusa moprofeta eo, ka ho etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase. (2 Mar. 3:11) Elia o ile a koetlisa Elisha ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Joale, ha mosebetsi oo Elia a neng a o etsa Iseraele o se o le mothating oa ho fela, moprofeta eo o ile a bolella mohlanka oa hae hore a khaotse ho mo sebeletsa. Empa Elisha o ne a ikemiselitse ho khomarela mokoetlisi oa hae kahohle-hohle. Mor’abo rōna ea koetlisoang, u ka etsisa Elisha joang? Potlakela ho amohela mosebetsi oo u o fuoang, le haeba e le oa boemo bo tlaase. U hopole hore mokoetlisi oa hao ke motsoalle oa hao. Mo bolelle hore u ananela seo a u etsetsang sona. Habohlokoa le ho feta, etsa mosebetsi oa hao ka botšepehi. Hobane’ng? Ha u bontša hore u motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang, baholo ba tla hlokomela hore Jehova o batla hore u fuoe boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.—Pes. 101:6; 2 Tim. 2:2. w15 4/15 2:13, 14

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 27 NOVEMBER, 2017–3 DECEMBER, 2017

7 “Re Rate ka Ketso le ’Nete”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela