Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 14 December

Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.—Joh. 2:17.

Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba hahe tabernakele. (Ex. 25:8) Hamorao a ba laela hore ba hahe tempele. (1 Mar. 8:27, 29) Ha batho ba Molimo ba khutla botlamuoeng Babylona, ba ne ba kopanela lisynagogeng. (Mar. 6:2; Joh. 18:20; Lik. 15:21) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bona ba ne ba kopanela malapeng. (Lik. 12:12; 1 Bakor. 16:19) Kajeno, bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara ba kopanela Liholong Tsa ’Muso tse likete tse mashome, moo ba ithutang ka Jehova le ho mo rapela. Jesu o ne a hlompha tempele ea Jehova e Jerusalema haholo. Tsela eo Jesu a neng a rata tempele ka eona, e ile ea hopotsa barutuoa ba hae mantsoe a mopesaleme a tlalehiloeng temaneng ea kajeno. (Pes. 69:9) Holo ea ’Muso hase “ntlo ea Jehova” ka kutloisiso e kang ea tempele e neng e le Jerusalema. (2 Likron. 5:13; 33:4) Leha ho le joalo, re lokela ho hlompha libaka tsa rōna tsa borapeli haholo. w15 7/15 4:1, 2

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 11-17 DECEMBER, 2017

21 Re Ithuta’ng Liponong Tsa Zakaria?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela