Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 13 December

U lule u e lebeletse.—Hab. 2:3.

Bahlanka ba Jehova ba ’nile ba letela ho phethahala ha boprofeta ka mamello. Esaia o ile a profeta hore Jehova o tla lokolla Bajuda botlamuoeng e le hore ba khutlele Juda, ’me a re: “Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” (Esa. 30:18) Mikea le eena o ne a letetse ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, ’me a re: “Ke tla ’ne ke lebelle Jehova.” (Mik. 7:7) Bahlanka ba Molimo ba qetile lilemo tse makholo ba letetse ho tla ha Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste. (Luka 3:15; 1 Pet. 1:10-12) Le rōna kajeno re letetse ho phethahala ha boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Jehova. Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oo, haufinyane o tla pholosa bahlanka ba Molimo lefatšeng lena le kotsi. O tla timetsa batho ba khopo, ’me a felise mahlomola ’ohle. (1 Joh. 5:19) Kahoo, re lokela ho lebella letsatsi la Jehova hore le fihle ka nako leha e le efe, ’me re etse sohle se matleng a rōna ho lula re itokisitse. w15 8/15 2:1, 2

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 11-17 DECEMBER, 2017

21 Re Ithuta’ng Liponong Tsa Zakaria?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela