Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 26 December

Ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa motho e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.—Mat. 11:11.

Ka Bibeleng ho na le batho ba bangata ba tšepahalang bao Jehova a ileng a ba fa moea o halalelang, empa ha baa ea leholimong. E mong oa bona ke Johanne Mokolobetsi. Jesu o ile a re ha ho motho e moholo ho Johanne, empa o ile a boela a re a ke ke a ea busa leholimong. Davida le eena o ne a tataisoa ke moea o halalelang. (1 Sam. 16:13) Moea o halalelang o ile oa mo thusa ho utloisisa lintho tsa Jehova tse tebileng, oa ba oa mo tataisa ha a ngola likarolo tse ling tsa Bibele. (Mar. 12:36) Leha ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re Davida “ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Lik. 2:34) Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho ba fa matla a ho etsa lintho tse hlollang, empa ha aa ka a o sebelisa ho ba memela leholimong. Seo se ne se sa bolele hore ba ne ba sa tšepahale ka ho lekaneng, kapa ba sa tšoanelehe ho ea busa leholimong. Empa Jehova o tla ba tsosa, e le hore ba tl’o phela lefatšeng la Paradeise.—Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15. w16.01 3:16

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 25-31 DECEMBER, 2017

3 Binelang Jehova le Thabile

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela