Labobeli, la 2 January
Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona.—Jak. 5:11.
Ka linako tse ling, u ka ’na oa utloisoa bohloko ke seo motsoalle kapa mong ka uena a se buileng. Mohlomong oa kula kapa u shoetsoe ke motho eo u mo ratang. Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, mohlala oa Jobo o ka u khothatsa. (Jobo 1:18, 19; 2:7, 9; 19:1-3) Jobo o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a aparetsoe ke mathata, empa o ile a ’na a mamella. Ke’ng e ileng ea mo thusa ho mamella? Ntho e ka sehloohong ke hore o ne a rata Jehova ebile a sa batle ho mo siteloa. (Jobo 1:1) Jobo o ne a batla ho khahlisa Molimo ka linako tsohle. Ho phaella moo, Jehova o ile a thusa Jobo hore a lemohe matla a hae ka hore a mo bolelle lintho tse hlollang tseo a li bopileng. Sena se ile sa kholisa Jobo hore Jehova o tla tlosa liteko tsa hae ka nako e loketseng. (Jobo 42:1, 2) ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Bibele e re Jehova o ile a tlosa mathata a Jobo ’me a phaella sohle seo a neng a e-na le sona habeli. Jobo o ile “a shoa, a tsofetse ’me a khotsofetse.”—Jobo 42:10, 17. w16.04 2:11, 13
La 1-7 January
MATHEU 1–3
Pina ea 99 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]
Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Pina 101
Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 86 le Thapelo