Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 11 February

Mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo.—Pes. 63:3.

Na ho na le se re lahlehelang ha re sebelisa nako ea rōna ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo? Che! Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ha re mo sebeletse hobane ho e-na le motho ea re qobellang hore re mo sebeletse kapa hobane feela re batla ho phonyoha matšoenyeho a maholo. Bophelo ba rōna bo ba le morero ebile rea thaba ha re e-na le kamano e ntle le Jehova. Ke kamoo a neng a rerile hore re phele kateng. Ha ho letho le molemo ho feta ho ratoa ke Molimo le ho tataisoa ke eena bophelong. (Pes. 63:1, 2) Kaofela re ka latsoa thabo e tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna. Batho ba bang ba mo sebelelitseng ka lilemo tse ngata ba ka paka hore ena ke tsela e molemohali ea ho phela.—Pes. 1:1-3; Esa. 58:13, 14. w15 8/15 3:16

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela