Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 27 February

Tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele.—Jak. 2:17.

Haeba u e-na le tumelo e tiileng, u tla e bontša ka liketso. Bacha le bona ba lokela ho hlaolela ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro.’ (2 Pet. 3:11) E le hore u etse lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo, u lokela ho ba le boitšoaro bo botle. Ka mohlala, nahana ka lintho tseo u li entseng likhoeling tse tšeletseng tse fetileng. Ha u ne u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, na u ile ua nahanisisa ka melao-motheo e re tataisang ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng? (Baheb. 5:14) Na u hopola makhetlo ao u sa kang ua inehela tekong kapa khatellong ea lithaka? Ha u le sekolong, na u itšoere hantle? Na u lula u tšepahala ho Jehova, kapa u itšoara joaloka liithuti-’moho le uena e le hore li se ke tsa u soma? (1 Pet. 4:3, 4) Ke ’nete hore kaofela ha rea phethahala. Ka linako tse ling, esita le Bakreste bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ba ka ’na ba ba boi ’me ba thatafalloa ho pakela ba bang. Empa motho ea inehetseng ho Molimo o lokela ho ba motlotlo hore e be ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o tla bontša seo ka ho itšoara hantle. w16.03 2:10, 11

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 27 FEBRUARY, 2017–LA 5 MARCH, 2017

7 “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela