Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 28 February

Tsela ke eona ena. Tsa- maeang ho eona.—Esa. 30:21.

Haesale ho tloha tšimolohong, Jehova a fa batho ba hae litaelo tse tobileng. Ka mohlala, serapeng sa Edene, Jehova o ile a fa batho litaelo tse hlakileng tse neng li tla ba nolofalletsa ho phela ka ho sa feleng ba thabile. (Gen. 2:15-17) Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela litaelo tseo ba li fuoeng ke Ntate oa bona ea lerato. Eva o ile a mamela noha ’me Adama eena a mamela mosali oa hae. Phello ea see e bile efe? Ba ile ba apareloa ke masoabi, ’me ba shoa ba se na tšepo ea tsoho. Ka lebaka la ho se mamele ha bona, batho bohle ba ile ba futsa ho se phethahale, kahoo ba tjameloa ke lefu. Kajeno, Jehova o re tataisetsa bophelong bo sa feleng ebile o re qobisa likotsi. Jehova o tšoana le molisa ea lerato ea tataisang linku tsa hae le ho li qobisa maemo a kotsi. w16.03 4:2, 3

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 27 FEBRUARY, 2017–LA 5 MARCH, 2017

7 “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela