Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 10 March

Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.—Tšen. 16:16.

Ntoa ea Armagedone e tla tlotlisa lebitso la Jehova le halalelang. Bohle ba tla ahloloa e le lipōli, e leng ba sa tšepahaleng, ba tla timetsoa. (Mat. 25:31-33, 46) Ho ke ke ha hlola ho e-ba le bokhopo lefatšeng ’me “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. Re lokela ho etsa’ng hona joale, ha re ntse re letetse liketsahalo tsee tse thabisang? Jehova o ile a bululela moapostola Petrose hore a ngole: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova . . . Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Petrose 3: 11, 12, 14) Joale a re ikemisetseng ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, bo sa tsoakana le bolumeli ba bohata, ’me re tšehetse Morena oa Khotso, Jesu Kreste. w15 7/15 2:17, 18

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 6-12 MARCH, 2017

12 Ananela Bolokolohi ba Hao ba ho Ikhethela

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela