Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 17 March

Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.—Mat. 5:8.

Ke’ng e ka u thusang ho lemoha litsela tseo Jehova a u thusang ka tsona? Nahana ka mehlala e latelang e mehlano. Oa pele, mohlomong u ua lemoha hore Jehova o u thusitse hore u fumane ’nete. Oa bobeli, mohlomong u hopola ka le leng u ile libokeng tsa Bokreste u mametse puo, ’me u re, “Ke eona keletso eo ke neng ke e hloka!” Oa boraro, mohlomong u bone kamoo Jehova a arabetseng thapelo ea hao kateng. Oa bone, e ka ’na eaba u ne u batla ho etsetsa Jehova ho eketsehileng ’me u lemohile kamoo a u thusitseng kateng hore u finyelle pakane eo. Oa bohlano, mohlomong u tlohetse mosebetsi hobane o u sitisa ho sebeletsa Jehova ’me u bone ha Molimo a phethahatsa tšepiso ea hae, e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheb. 13:5) Haeba kamano ea rōna le Jehova e le matla, re bile re le “lipelo li hloekileng,” re tla nolofalloa ho lemoha litsela tseo a re thusang ka tsona. Ho ba le “lipelo li hloekileng” ho bolela’ng? Ho bolela hore re lokela ho boloka monahano oa rōna o hloekile ’me re khaotse ho etsa ntho leha e le efe e fosahetseng. (2 Bakor. 4:2) Re lokela ho boloka kamano ea rōna le Molimo e le matla e le hore re bone kamoo a re thusang kateng. w15 10/15 1:17, 19

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 13-19 MARCH, 2017

17 Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela