Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 16 March

Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.—Jak. 1:17.

Ha motho a u fa mpho, u bontša kananelo. ’Me kaha u e nka e le ea bohlokoa, u ua e sebelisa. Re ananela hore ebe Jehova o re fa sohle seo re se hlokang e le hore re phele ’me re thabe. Rea hlokomela hore o oa re rata ’me le rōna re batla ho mo bontša hore rea mo rata. Na ke kamoo u ikutloang kateng? Jehova o ile a fa Baiseraele lintho tse ngata tse molemo. O ile a ba tataisa ka lilemo tse makholo ka melao ea hae ’me a ba fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka hore ba phele. (Deut. 4:7, 8) Baiseraele ba ne ba ka bontša Jehova kananelo ka hore ba mamele melao ea hae. Ka mohlala, ha ba etsetsa Jehova mahlabelo, ba ne ba lokela ho mo fa “litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng” tse tsoang masimong. (Ex. 23:19) Baiseraele ba ne ba tseba hore Jehova o tla tsoela pele ho ba hlohonolofatsa haeba ba mo mamela ’me ba mo fa se molemohali.—Deut. 8:7-11. w15 9/15 5:5, 6

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 13-19 MARCH, 2017

17 Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela