Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 20 April

Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.—1 Bakor. 14:40.

Jehova ke Molimo ea hloekileng le ea halalelang. ’Me o hlophisehile. Ke kahoo re lokelang ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. (1 Bakor. 14:33) E le hore re hloeke re be re halalele ho tšoana le Jehova, re lokela ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, ’me hape re boloke menahano ea rōna, liketso hammoho le ’mele ea rōna e hloekile. (Tšen. 19:8) Re nolofalloa ho memela batho libokeng tsa rōna haeba re boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Batho ba tla bona hore re phela tumellanong le seo re se rutang ha re bua ka lefatše le lecha le hloekileng. Ba tla bona hore re rapela Molimo ea hloekileng le ea halalelang, ea tla fetola lefatše lena paradeise e ntle. (Esa. 6:1-3; Tšen. 11:18) Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae le hore na batho ba sebakeng seo re lulang ho sona ba ikutloa joang ka bohloeki, re lokela ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Ke sebaka seo re rapelang Jehova ho sona.—Deut. 23:14. w15 7/15 4:13-15

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | February

BEKE EA LA 17-23 APRIL, 2017

18 Jehova o Tataisa Batho ba Hae

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela