Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 27 April

A re hloboleng boima bo bong le bo bong.—Baheb. 12:1.

Pauluse o ile a tela lintho tsohle ’me a tsepamisa kelello ‘linthong tsa bohlokoa haholo.’ O ile a sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli ’me a ea libakeng tse ngata, tse akarelletsang Syria, Asia Minor, Macedonia le Judea. Pauluse o ile a re: “Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso.” (Bafil. 1:10; 3:8, 13, 14) Pauluse e ne e le lesoha, ’me seo se ile sa mo thusa hore ‘a sebeletse Morena kamehla ntle ho tšitiso.’ (1 Bakor. 7:32-35) Ho tšoana le Pauluse, bahlanka ba bang ba Jehova kajeno ba khetha ho se kene lenyalong e le hore ba etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. (Mat. 19:11, 12) Masoha ha a atise ho ba le boikarabelo bo bongata joaloka batho ba lenyalong. Empa ebang re lenyalong kapa che, kaofela ha rōna re lokela ‘ho hlobola boima bo bong le bo bong’ bo ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Ho ka ’na ha hlokahala hore re qobe lintho tse ka re senyetsang nako ’me re etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. w15 10/15 3:15, 16

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | February

BEKE EA LA 24-30 APRIL, 2017

23 Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela