Mantaha, la 1 May
Ba . . . [ile ba] hlolloa ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.—Luka 4:22.
Batho ba ne ba thabela ho mamela Jesu hobane o ne a bua le bona ka tsela e mosa a bile a nahanela maikutlo a bona. Ka mohlala, ha a bona bongata bo ikitlaelletsa ho mo mamela, o ile a ithaopela ho qeta nako a bo ruta. (Mar. 6:34) Esita le ha batho ba mo hlapaola, Jesu ha aa ka a iphetetsa ka ho ba hlapaola. (1 Pet. 2:23) Le hoja re rata ba malapa a rōna le metsoalle, re ka ’na ra bua le bona ka tsela e hlokang mosa hobane re ba tloaetse. Re ka ’na ra nka hore ha ho hlokahale hore re be hlokolosi ha re bua le bona. Empa ha ho mohla Jesu a kileng a khahlapetsa barutuoa ba hae. Ha barutuoa ba bang ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, o ile a ba khalemela ka mosa ’me a ba etsetsa mohlala ka ngoana e monyenyane ho ba thusa hore ba lokise tsela eo ba nahanang ka eona. (Mar. 9:33-37) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu ka hore ba eletse ba bang ka mosa.—Bagal. 6:1. w15 12/15 3:15, 16