Labobeli, la 2 May
Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.—Baheb. 13:1.
Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re rata barab’abo rōna? Lebaka le ka sehloohong leo re ratang barab’abo rōna ka lona, ke hobane Jehova o re laela hore re ba rate. Re ke ke ra rata Jehova haeba re sa rate barab’abo rōna. (1 Joh. 4:7, 20, 21) Lebaka le leng ke hore rea hlokana, haholo-holo linakong tse thata. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu, o ne a tseba hore haufinyane ba bang ba bona ba tla lokela ho siea mahae a bona. Jesu o ile a bolela esale pele hore nako eo e ne e sa tl’o ba bonolo. (Mar. 13:14-18; Luka 21:21-23) Kahoo, Bakreste bao ba ne ba lokela ho tiisa maqhama a bona a lerato pele nako eo e fihla. (Bar. 12:9) Matšoenyeho a maholo a ntse a atamela ka potlako. (Mar. 13:19; Tšen. 7:1-3) Empa na re lokela ho khotsofalla feela ho bokana hammoho kamehla? Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore ba lokela ho khothatsana le ho bontšana lerato esita le ho thusana.—Baheb. 10:24, 25. w16.01 1:6-8