Laboraro, la 10 May
Ke tla lokela ho u khalemela ka tekanyo e loketseng.—Jer. 30:11.
Morena Azaria o ile “a tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong a Jehova.” Empa Jehova o ile a otla Azaria ka lepera. (2 Mar. 15:1-5) Hobane’ng? Tlaleho ena ha e re bolelle lebaka. Na taba ee e lokela ho u tšoenya, u nke hore Jehova ha aa sebetsa litaba ka toka le hore o otlile Azaria ntle ho lebaka? Che. Haeba u tseba Jehova hantle, u ua tseba hore khalemelo ea hae e nepahetse kamehla. Morena Azaria o ne a tsejoa hape e le Morena Uzia. (2 Mar. 15:7, 32) Tlaleho e ho 2 Likronike 26:3-5, 16-21 e re o ile “a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Empa e boetse e re hamorao pelo ea hae e ile ea ikhohomosa ho fihlela a etsa sebe. Morena eo o ile a leka ho etsa ntho e neng e lokela ho etsoa ke baprista feela. Baprista ba 81 ba ile ba mo bolella hore seo se fosahetse ’me ba leka ho mo thiba. O ile a etsa’ng? Ka boikhohomoso o ile a ba halefela! Lintlha tsena tse eketsehileng li re thusa ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla morena eo ka lepera. w15 4/15 3:8, 9