Labobeli, la 9 May
Re behele morena hore a re ahlole.—1 Sam. 8:5.
Jehova o ile a bolella Samuele ka makhetlo a mararo hore a mamele sechaba, kaha o ne a sa batle ho se fa morena. (1 Sam. 8:7, 9, 22) Le hoja Samuele a ne a ikutloa ka tsela eo, ha aa ka a halefela monna ea neng a tla etella sechaba pele kapa hona ho mo honohela. Ha Jehova a mo bolella hore a tlotse Saule, Samuele ha aa ka a tsilatsila. O ile a khetha ho mamela hobane a rata Jehova, eseng hobane a qobelloa. Ho na le baholo ba bangata kajeno ba nang le phihlelo ba etsisang Samuele, ’me ba koetlisa barab’abo rōna ka lerato. (1 Pet. 5:2) Baholo bana ba mosa ba ithaopela ho ruta ba bang, ’me ha ba tšabe ho arolelana boikarabelo le barab’abo rōna ba ntseng ba koetlisoa. Ba nka bara bana babo rōna e le “basebetsi-’moho” le bona, ba tlang ho ba thusa ho hlokomela phutheho ka seo e se hlokang. (2 Bakor. 1:24; Baheb. 13:16) Baholo bana ba se nang boithati ba thabela ho bona barab’abo rōna ba sebelisa bokhoni ba bona ho thusa batho ba Jehova.—Lik. 20:35. w15 4/15 1:16, 17