Laboraro, la 24 May
Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.—Pes. 19:1.
Kajeno, Jehova o re ruta lintho tse ngata ka eena, ka morero oa hae, ka pōpo ea hae le ka Lentsoe la hae. Lefatše le khothalletsa batho hore ba ithute, empa maemong a mangata thuto e phahameng e etsa hore ba khaotse ho rata Molimo. Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a batle hore re be le tsebo feela, empa o boetse o re thusa hore re be bohlale. O batla hore re sebelise seo re ithutang sona molemong oa rōna le hore re thuse ba bang. (Liprov. 4:5-7) Ka mohlala, o batla hore re abele ba bang ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete’ ’me re ba thuse hore ba bolokehe. (1 Tim. 2:4) Re bontša hore re rata Jehova le batho ba bang ka hore re bolelle ba bangata kamoo re ka khonang ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsetsa batho.—Pes. 66:16, 17. w15 9/15 5:10, 11