Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 16 July

E mong le e mong oa lōna o re: “’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,” “Empa ’na ke oa Kefase,” “Empa ’na ke oa Kreste.”—1 Bakor. 1:12.

Bona e ne e le bothata bo tebileng, kaha bo ne bo ka ’na ba senya khotso ka phuthehong. Kahoo, Pauluse o ile a botsa bara le barali babo hore na Kreste o arohane. A re: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakor. 1:10, 11, 13) Hoa tšoana le kajeno. Ha hoa lokela hore ho be le likarohano ka phuthehong. (Bar. 16:17, 18) Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ke baahi ba leholimong, ’me kahoo ha baa lokela ho ameha ka ‘lintho tse lefatšeng.’ (Bafil. 3:17-20) Batlotsuoa ke manģosa a emelang Molimo le Kreste. Ha lenģosa le rometsoe naheng e ’ngoe, ha le kenelle mathateng le lipolotiking tsa naha eo. Ka tsela e tšoanang, batlotsuoa ha baa lokela ho kenella mathateng le lipolotiking tsa lefatše lena. (2 Bakor. 5:20) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba tšehetsa ’Muso, ’me ha ba nke lehlakore liqhoebeshanong tsa lefatše lena. w15 7/15 3:9, 10

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 10-16 JULY, 2017

8 Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela