Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 17 July

O ne a le mohau; o ne a koahela phoso ’me a sa tlise pheliso. A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata, o ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.—Pes. 78:38.

Ho thuisa ka temana ena ho ka ’na ha u thusa hore u bone kamoo Jehova a u ratang le ho u tsotella kateng. Re ka kholiseha hore Jehova o re tsotella e le kannete. (1 Pet. 5:6, 7) Re lokela ho nka Bibele e le ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Jehova o buisana le rōna ka Lentsoe la hae. Ha motsoali le ngoana ba buisana ka bolokolohi, lerato la bona le ea tiea ’me ba tšepana le ho feta. Jehova ke Ntate oa rōna ea lerato. Le hoja re e-s’o mo bone kapa hona ho utloa lentsoe la hae, ho joalokaha eka o bua le rōna ka ho toba ka Bibele. Re lokela ho mo mamela ka linako tsohle! (Esa. 30:20, 21) Ha re bala Lentsoe la Molimo, seo se etsa hore re tsebe Jehova ’me re mo tšepe, kaha o oa re tataisa le ho re sireletsa.—Pes. 19:7-11; Liprov. 1:33. w15 8/15 1:6, 7

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 17-23 JULY, 2017

17 Lerato la Lona le se ke la Fokotseha

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela