Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 24 July

Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona.—1 Tim. 4:15.

U lokela ho ipha nako ea ho thuisa ha u lokisetsa ho ea khanna thuto ea Bibele. Nahana ka motho eo, ’me u leke ho fumana potso kapa mohlala o tla mo thusa hore a hatele pele. Ha u lokisetsa ho khanna lithuto tsa Bibele ka tsela ena, tumelo ea hao e tla matlafala ’me u tla ba mosuoe ea hloahloa oa Bibele. U tla boela u rue molemo ha u thuisa pele u ea tšebeletsong ea tšimo. (Esdr. 7:10) Mohlomong u ka bala khaolo bukeng ea Liketso e le ho u thusa hore u chesehe haholoanyane tšebeletsong. U ka boela ua bala litemana tsa Bibele tseo u rerang ho li sebelisa letsatsing leo le lingoliloeng tseo u tla li tsamaisa. (2 Tim. 1:6) Nahana ka batho ba tšimong ea lōna le ka lintho tseo u ka buang ka tsona. Ha u lokisetsa ka tsela ena, u tla khona ho sebelisa Bibele hamolemo ho pakela ba bang.—1 Bakor. 2:4. w15 10/15 4:9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 24-30 JULY, 2017

22 “Na U Nthata ho Feta Tsee?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela