Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 30 July

Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo.—Bar. 8:16.

Molimo o ne a bōpetse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong. (Gen. 1:28; Pes. 37:29) Empa o ile a khetha ba bang hore e il’o ba marena le baprista leholimong. Kahoo, ha a ba khetha, tšepo ea bona e ea fetoha le tsela eo ba nahanang ka eona e ea fetoha, ’me ba labalabela ho ea phela leholimong. (Baef. 1:18) Empa motho o tseba joang hore o memetsoe ho ea phela leholimong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se bua ho batlotsuoa ba Roma, ba neng ‘ba bitselitsoe ho ea ba bahalaleli.’ O ile a re: “Ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’” (Bar. 1:7; 8:15) Molimo o sebelisa moea o halalelang hore a tiisetse batho bao a ba khethileng hore e il’o ba marena le Jesu leholimong.—1 Bathes. 2:12. w16.01 3:8, 9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 24-30 JULY, 2017

22 “Na U Nthata ho Feta Tsee?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela