Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 6 August

Tutubolla mahlo a ka, e le hore nka talima lintho tse hlollang tse tsoang molaong oa hao.—Pes. 119:18.

E le hore moholo a utloisise hore na ’nete e ama tsela eo mor’abo rōna a nahanang le ho ikutloa ka eona joang, a ka ’na a mo botsa hore na ho inehela ha hae ho Jehova ho amme liqeto tseo a li etsang bophelong joang. Potso eo e ka ’na ea lebisa tabeng ea hore na re ka sebeletsa Jehova joang ka lipelo tsohle tsa rōna. (Mar. 12:29, 30.) Mohlomong a ka ba a rapela le mor’abo rōna, a kōpa Jehova hore a mo fe moea o halalelang oo a o hlokang e le hore a amohele koetliso. Ha mor’abo rōna a utloa moholo a mo rapella, seo se ka ’na sa mo khothalletsa hore a etse ho eketsehileng! Ha moholo a qala ho koetlisa mor’abo rōna, ho ka ba molemo hore ba buisane ka litlaleho tsa Bibele tse ka mo thusang hore a bone bohlokoa ba ho thusa ba bang, ba ho ba motho ea ka tšeptjoang le ea ikokobelitseng. (1 Mar. 19:19-21; Neh. 7:2; 13:13; Lik. 18:24-26) Ho hlokahala hore mor’abo rōna a be le litšobotsi tsena, feela joalokaha mobu o hloka manyolo. Li tla mo thusa hore a hatele pele ka potlako ’me li mo ‘tutubolle mahlo’ e le hore a bone “lintho tse hlollang” tse ka Lentsoeng la Molimo. w15 4/15 2:3, 4

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | June

BEKE EA LA 31 JULY, 2017–LA 6 AUGUST, 2017

4 Jehova oa re Tšelisa ha re E-na le Mathata

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela