Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 28 August

Jehova, u mpontše mohau. U folise moea oa ka, etsoe ke u sitetsoe.—Pes. 41:4.

Ho Pesaleme ea 41, Davida o re bolella ka nako eo ka eona a neng a kula haholo, a nyahame a bile a tšoenyehile. Ho bonahala eka o ngotse mantsoe ana ka nako eo mora oa hae Absalome a neng a leka ho mo theola boreneng. Davida o ne a kula hoo a neng a sa khone ho mo thiba. O ne a tseba hore o hlaheloa ke mathata ao ka lebaka la sebe sa hae le Bathe-sheba. (2 Sam. 12:7-14) Leha ho le joalo, Davida o ne a sa lebella ho folisoa ka mohlolo. Ho e-na le hoo, o ne a lebeletse hore Molimo a mo thuse feela joalokaha a thusa leha e le mang “ea nahanelang motho ea tlaase.” Davida o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova, ke kahoo a ileng a kōpa hore a mo tšehetse le ho mo hlokomela ha a kula. (Pes. 41:3) O ile a boela a kōpa hore a hlaphoheloe. Le rōna ka ho tšoanang, re ka kōpa Jehova hore a re thuse.—Pes. 103:3. w15 12/15 4:8, 9

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 28 AUGUST, 2017–LA 3 SEPTEMBER, 2017

7 Batlang Maruo a ’Nete

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela