Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 4 September 

Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!” Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.—Tšen. 22:17.

Re ka finyella ba nyoriloeng hafeela re momahane “hammoho ka tumellano” re bile re sebelisana ’moho ka phuthehong. (Baef. 4:16) E le hore re finyelle batho ba bangata mosebetsing oa boboleli, re lokela ho hlophiseha. Tataiso eo re e fuoang liphuthehong tsa habo rōna e re thusa ho etsa sena. Ka mor’a seboka sa tšimo, re ea malapeng a batho ho ea buisana le bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re boetse re ba fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha e le hantle, re se re tsamaisitse tse limilione lefatšeng ka bophara. Ka linako tse ling, re khothalletsoa ho kopanela matšolong a khethehileng. Ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u ba bonngoeng le ba bang ba limilione lefatšeng ka bophara ba etsang mosebetsi ona! U boetse u sebetsa le mangeloi, a thusang batho ba Molimo ho phatlalatsa litaba tse molemo.—Tšen. 14:6. w16.03 3:4, 5

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 4-10 SEPTEMBER, 2017

12 “Llang le Batho ba Llang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela