Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 30 August

Le [khotsofalle] lintho tse teng.—Baheb. 13:5.

Ha re tšepa Jehova re tla khotsofalla seo re nang le sona. Ke joang see se ka re nolofalletsang ho bontša hore re rata barab’abo rōna? Ha re khotsofaletse seo re nang le sona, re tla nka bara le barali babo rōna e le ba bohlokoa ho feta chelete kapa lintho tse ling. (1 Tim. 6:6-8) Ha re na ho tletleba ka bona kapa ka lintho tse re hlahelang bophelong. Hape ha re na ho ba shoela mōna kapa ra ba meharo. Ho e-na le hoo, re tla ba seatla se bulehileng. (1 Tim. 6:17-19) Ha re tšepa Jehova re tla ba le sebete sa ho mamella liteko tse re hlahelang. (Baheb. 13:6) Seo se tla boela se re thuse ho ba le boikutlo bo nepahetseng. ’Me ha re e-na le boikutlo bo nepahetseng, re tla bontša barab’abo rōna hore rea ba rata ka hore re ba khothatse le ho ba tšelisa. (1 Bathes. 5:14, 15) Esita le nakong ea matšoenyeho a maholo re tla lokela ho ba sebete, kaha re tla be re tseba hore topollo ea rōna e atametse.—Luka 21:25-28. w16.01 1:16, 17

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 28 AUGUST, 2017–LA 3 SEPTEMBER, 2017

7 Batlang Maruo a ’Nete

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela