Laboraro, la 6 September
Etsoe u tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka.—Pes. 71:5.
Baholo ba nang le phihlelo ba re ho molemo ho koetlisa barab’abo rōna ba sa le bacha, mohlomong ha ba le qalong ea lilemo tsa bocha. U ka ba abela ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong ho latela lilemo tsa bona. Haeba barab’abo rōna ba koetlisoa ba sa le bacha, seo se ka ba thusa hore ha ba ntse ba hōla, ba lule ba tsepamisitse kelello lipakaneng tseo ba ipehetseng tsona, esita le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse ka ba sitisang. (Pes. 71:17) E le ho susumelletsa mor’abo rōna hore a sebeletse, moholo ha a lokela ho mo bolella feela hore na a etse’ng. O lokela ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa seo. Jesu, Mosuoe e Moholo, o ile a bolella baapostola ba hae hore ba lokela ho bolela. Empa o ile a qala ka ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho mamela taelo eo. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mat. 28:18, 19. w15 4/15 2:5, 6