Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 1 September

[Abrahama a] nka leeto ho ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona.—Gen. 22:3.

Pele Abrahama a siea bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lōna.” (Gen. 22:5) Abrahama o ne a bolela’ng? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla khutla le Isaka, empa a tseba hore o il’o etsa sehlabelo ka eena? Che. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka khona ho tsosa Isaka bafung. (Baheb. 11:19) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngoana, le hoja eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Baheb. 11:11, 12, 18) Kahoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlōlang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng letsatsing leo. Empa o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Bar. 4:11. w16.02 1:3, 13

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 28 AUGUST, 2017–LA 3 SEPTEMBER, 2017

7 Batlang Maruo a ’Nete

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela