Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 8 September

E tla u khoba hlooho.—Gen. 3:15.

Ha Jesu a tsoaloa, Satane o ne a tseba hore lesea leo le tla hōla ’me e be Mesia ea tšepisitsoeng. Na Satane o ne a nahana hore ho bolaea ngoana ke ketso e sehlōhō? Che. Ha a tšoenyehe ka ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. O ile a leka ho bolaea Jesu ha e sa le ngoana. Joang? Ha Morena Heroda a utloa ka linohe tsa linaleli hore “morena oa Bajuda” o tsoetsoe, o ile a halefa haholo ’me a batla ho bolaea lesea leo. (Mat. 2:1-3, 13) Kahoo, a laela hore ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba Bethlehema le literekeng tsa eona. (Mat. 2:13-18) Jesu o ile a pholoha polao eo e sehlōhō, empa see se re ruta’ng ka sera sa rōna e leng Satane? Diabolose ha a hlomphe bophelo. Esita le ba bana hase letho ho eena. Ka sebele Satane ke “tau e purumang.” (1 Pet. 5:8) O sehlōhō e le kannete! w15 5/15 1:10, 12, 13

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 4-10 SEPTEMBER, 2017

12 “Llang le Batho ba Llang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela