Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 13 September

Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.

Jehova o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa ho loantša liteko tsa Satane. Jehova o boetse o sebelisa Bibele le phutheho ho re lemosa ka maemo a kotsi. Ka mohlala, o re lemosa hore re se ke ra sebelisa boholo ba nako ea rōna, chelete le matla linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Espen le Janne bao e neng e le bo-bula maliboho ba na le bana ba babeli. Espen o re: “Re lula re rapela Jehova hore a re thuse re se ke ra kena molekong, kaha hona joale ha re sa qeta nako e ngata joaloka pele re le tšebeletsong. Re kōpa Jehova hore a re thuse hore re lule re le matla moeeng re bile re chesehela tšebeletso.” Teko e ’ngoe eo re lokelang ho e hanela ke ea ho sheba litšoantšo tse litšila. Ba bang ba sheba litšoantšo tse litšila hobane ba lumella mehopolo e fosahetseng. Empa bara le barali babo rōna ba bangata ba hanetse teko ena, ’me le rōna re ka etsa se tšoanang.—1 Bakor. 10:13. w15 6/15 5:15, 16

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 11-17 SEPTEMBER, 2017

17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rorisa Jah’?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela