Labohlano, la 23 February
Ke sitetsoe Jehova.—2 Sam. 12:13.
Davida o ile a amohela khalemelo ea Jehova e tsoang ho moprofeta Nathane. O ile a bolella Jehova libe tsa hae ka thapelo, a mo kopa ka tieo hore a mo hauhele. (Pes. 51:1-17) Davida o ile a ithuta liphosong tsa hae ho e-na le ho itlohella hore a jeoe ke letsoalo le molato bophelo bohle ba hae. Ka sebele, ha aa ka a pheta libe tseo tse tebileng. Hamorao o ile a shoa a tšepahala ’me o ntse a lutse mohopolong oa Jehova. (Baheb. 11:32-34) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Davida? Haeba re oela sebeng se tebileng re lokela ho baka e le kannete ’me re kope Jehova hore a re tšoarele. Re lokela ho bolela libe tsa rona ho eena. (1 Joh. 1:9) Re boetse re tlameha ho ea ho baholo e le hore ba re fe thuso e loketseng. (Jak. 5:14-16) Ha re amohela litokisetso tsa Jehova, re bontša hore rea lumela hore o tla re folisa a be a re tšoarele. Ka mor’a moo, re tla be re etsa hantle ha re ithuta liphosong tsa rona ebe re tsoela pele re sebeletsa Jehova, re e-na le tšepo ka bokamoso.—Baheb. 12:12, 13. w17.01 1:13, 14
La 19-25 February
MATHEU 16–17
Pina ea 57 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“U Nahana Menahano ea Mang?”: (10 mets.)
Mat 16:21, 22—Petrose o ile a lumella ho ikhauhela ho tlola hore ho susumetse monahano oa hae (w07 2/15 16 ¶17)
Mat 16:23—Petrose o ne a sa nahane lintho ka tsela eo Molimo a li nahanang ka eona (w15 5/15 7-8 ¶16-17)
Mat 16:24—Bakreste ba lokela ho lumella hore tsela eo Molimo a nahanang ka eona e laole tsela eo ba phelang ka eona (w06 4/1 23 ¶9)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 16:18—Lefika leo Jesu a neng a tla haha phutheho ea Bokreste ho lona ke mang? (nwtsty litlhaloso)
Mat 16:19—“Linotlolo tsa ’Muso oa maholimo” tseo Jesu a ileng a li fa Petrose ke eng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 16:1-20
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ho tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Etsa Mosebetsi oo Jesu a o Entseng—Ruta (tlas’a LIBOKA LE TŠEBELETSO EA RONA).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 42
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 88 le Thapelo