Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 24 February

U thibe mohlanka oa hao liketsong tsa ho iketelletsa pele.—Pes. 19:13.

“Ho iketelletsa pele” ho bolela’ng? Ha motho a potlakela ho etsa ntho eo a sa lumelloang ho e etsa, o iketelletsa pele. Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rona re iketelletsa pele ka linako tse ling. Empa joalokaha re bone mohlaleng oa Morena Saule, haeba re tloaela ho iketelletsa pele, Molimo a ke ke a re amohela. Pesaleme ea 119:21 e re Jehova o ‘khalemela ka matla ba iketelletsang pele.’ Ke hobane’ng ha a ba khalemela? Ho iketelletsa pele ha ho tšoane le ho etsa ntho ka phoso. Motho ea iketelletsang pele, o hloleha ho fa Jehova tlhompho e mo tšoanelang joaloka ’Musi. Ho feta moo, haeba re etsa lintho tseo re sa lumelloang ho li etsa, re tla qabana le batho ba bang. (Liprov. 13:10) Hape, haeba ho totobala hore re entse lintho ka ho iketelletsa pele, seo se ka re soabisa sa ba sa re theola seriti. (Luka 14:8, 9) Ha ho mohla ho iketelletsa pele ho fellang hantle. Empa joalokaha Mangolo a bontša, ho ikokobetsa ho fella hantle ka linako tsohle. w17.01 3:4, 5

La 19-25 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 19-25 February

MATHEU 16–17

  • Pina ea 57 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “U Nahana Menahano ea Mang?”: (10 mets.)

    • Mat 16:21, 22—Petrose o ile a lumella ho ikhauhela ho tlola hore ho susumetse monahano oa hae (w07 2/15 16 ¶17)

    • Mat 16:23—Petrose o ne a sa nahane lintho ka tsela eo Molimo a li nahanang ka eona (w15 5/15 7-8 ¶16-17)

    • Mat 16:24—Bakreste ba lokela ho lumella hore tsela eo Molimo a nahanang ka eona e laole tsela eo ba phelang ka eona (w06 4/1 23 ¶9)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 16:18—Lefika leo Jesu a neng a tla haha phutheho ea Bokreste ho lona ke mang? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 16:19—“Linotlolo tsa ’Muso oa maholimo” tseo Jesu a ileng a li fa Petrose ke eng? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 16:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ho tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 94

  • “Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Etsa Mosebetsi oo Jesu a o Entseng—Ruta (tlas’a LIBOKA LE TŠEBELETSO EA RONA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 42

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 88 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 19-25 FEBRUARY, 2018

23 Bacha—“Le ’ne le Sebeletse Poloko ea Lōna”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela