Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 26 February

Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.—Liprov. 13:10.

Ho bontša kananelo tšebeletsong ea rona ho Jehova, ho re thusa ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang. Ho e-na le ho rata ho bonoa ke batho kapa ho bolella batho ba bang seo ba lokelang ho se etsa, re lokela ho ikokobetsa ka hore re ba kope likeletso re be re ba mamele. Re tla thaba le ba bang ha ba fuoa litokelo. Re leboha Jehova ha re bona a hlohonolofatsa “mokhatlo oohle oa barab’abo [rona] lefatšeng.” (1 Pet. 5:9) Hape re tla khona ho sheba lintho ka tsela eo Molimo a li shebang ka eona. Ha re bala Bibele kamehla, re rapela ebile re sebelisa seo re ithutileng sona, re tla matlafatsa matsoalo a rona. (1 Tim. 1:5) Re lokela ho beha lithahasello tsa ba bang pele ho tsa rona. Haeba re etsa lintho tsena, Jehova o tšepisa hore o tla ‘qetella koetliso ea rona’ ’me a re thuse hore re hlaolele boinyenyefatso.—1 Pet. 5:10. w17.01 4:17, 18

La 26 February–la 4 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 26 February–la 4 March

MATHEU 18–19

  • Pina ea 83 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Qoba ho Khoptjoa le ho Khopisa ba Bang”: (10 mets.)

    • Mat 18:6, 7—Ha rea lokela ho khopisa batho (nwtsty litlhaloso le litšoantšo)

    • Mat 18:8, 9—Re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re siteloe Molimo (nwtsty litlhaloso le tlhaloso ea “Gehena”)

    • Mat 18:10​—Jehova oa tseba ha re khopisitse ba bang (nwtsty litlhaloso; w10 11/1 16)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 18:21, 22—Re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela barab’abo rona hangata hakae? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 19:7—Morero oa ‘lengolo la tlhalo’ e ne e le ofe? (nwtsty litlhaloso le litšoantšo)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 18:18-35

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 25-26 ¶18-20—Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea motho eo u buang le eena kateng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 121

  • Le ka mohla u se ke oa ba sesosa sa khopiso (2Ko 6:3): (9 mets.) Bapala video (tlas’a MANANEO A KHETHEHILENG).

  • Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Qala ka la 3 March: (6 mets.) Puo e thehiloeng ho Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso, February 2016 leqephe 8. Fa bamameli memo ea Sehopotso e be le buisana ka eona. Hlakisa hore puo ea phatlalatsa e khethehileng e nang le sehlooho se reng: “Hantle-Ntle Jesu Kreste ke Mang?” e tla fanoa bekeng ea la 19 March 2018. E tla etsa hore re labalabele le ho feta ho ba teng Sehopotsong. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life e le hore ho sebetsoe tšimo eohle ea phutheho.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 leqephe 46-49

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 41 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 26 FEBRUARY, 2018–4 MARCH, 2018

7 “O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela